Ho Hotle Hakaakang ho ba Teng Kamehla!
1 Ka lilemo tse mashome-shome Europe Bochabela, ba bangata ba barab’abo rōna ba ratehang ba ne ba thibetsoe ho bokana phatlalatsa. Nahana hore na ba ile ba thaba hakaakang ha lithibelo li ne li tlosoa ’me ba khona ho kopana hammoho ka bolokolohi!
2 Mabapi le leeto la hae ho e ’ngoe ea liphutheho tse joalo, molebeli e mong oa potoloho o ile a ngola: “Ka Labobeli mantsiboea, qalong ea ketelo ea ka feela, tsamaiso ea mofuthu le mohatsela e ile ea robeha. Ka ntle, mohatsela o ne o lutse ntlheng ea khoamo, ’me ka hare, e ne e ka ba likhato tse 5 feela tsa Celsius. Barab’abo rōna ba ile ba lula ba apere lijase, ba fasitse lik’hafo, ba roetse litlelafo, likatiba le likhohlopo. Ha ho ea neng a khona ho phetla Bibele kaha ho ne ho se bonolo ho phetla maqephe. Ha ke eme sethaleng ka sutu ea ka, ke ne ke omeletse ke serame, ’me nako le nako ha ke bua, ke ne ke bona moea oo ke o phefumolohang. Empa se ileng sa nthabisa ke hore ha ho le ea mong ea neng a tletleba. Barab’abo rōna bohle ba ile ba bolela kamoo ho bileng monate kateng le kamoo ho bileng hotle kateng ho ba teng!” Bara bao babo rōna ha baa ka ba nahana ka ho fosoa ke seboka seo!
3 Na ke Kamoo Re Ikutloang Kateng? Na re nka monyetla oa ho bokana ka bolokolohi libokeng tsa rōna tsa beke le beke e le oa bohlokoa? Kapa na re bontša ho haelloa ke kananelo bakeng sa liboka tsee ha maemo a lumela? Ho ba teng libokeng kamehla ho ka ’na ha se be bonolo, ’me ho ka ’na haeba le linako tseo re nang le lebaka le utloahalang la ho se be teng. Leha ho le joalo, le ka mohla u se lebale hore har’a rōna ho na le ba bang ho sa tsotellehe botsofali bo iphang matla, mathata a tebileng a bophelo, kholofalo ea ’mele, kemiso e thata ea mosebetsi le boikarabelo bo bong bo tebileng, ba hlokomelang bohlokoa ba liboka ’me ka linako tsohle ba lula ba le teng. Ke mehlala e metle hakaakang hore re e etsise!—Bapisa le Luka 2:37.
4 Ha re itloaetseng ho tšehetsa borapeli ba ’nete ka ho ba teng libokeng tsohle tsa rōna tsa Bokreste, ho qala ka sehlopha se senyenyane sa thuto ea buka ho isa kopanong e khōlō. Ke hobane’ng ha re lokela ho nka ho ba teng libokeng ka botebo hakaale? Hobane ke taelo ea bomolimo hore re kopane hammoho. Empa ho na le mabaka a mang a bohlokoa. Kaofela ha rōna re hloka melemo ea thuto ea bomolimo le thuso ea moea o halalelang, e leng lintho tse fumanoang libokeng. (Mat. 18:20) Re hahuoa ka ho khothatsana ha re kopana le barab’abo rōna.—Baheb. 10:24, 25.
5 Ponong ea ho fetoha sebōpeho, Petrose o ile a re, “Morupeli, ho hotle hore re be mona.” (Luka 9:33) Le rōna re lokela ho ikutloa joalo ka liboka tsa rōna tsohle tsa Bokreste. Ka sebele, ho hotle hakaakang ho ba teng kamehla!