Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/98 leq. 2
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 9/98 leq. 2

Litaba Tsa Puso ea Molimo

Afrika Boroa: Ka May ho ile ha nehelanoa ka liholo tse hlano, e leng ea Tableview (Cape Town) le Makwane, Makong, Tseseng le Tseki (Qwa-Qwa). Liholo tse ’nè tsa Qwa-Qwa li ile tsa nehelanoa ka letsatsi le le leng ’me lenane la bohle ba bileng teng e bile 616.

Komiti ea Kaho ea Libaka ea Witwatersrand e ile ea romela mochine o etsang litene Qwa-Qwa ’me barab’abo rōna ba moo ba ile ba etsa litene tse 20 000 bakeng sa liholo tseo ka libeke tse ’nè feela. Ka April Komiti ea Kaho ea Libaka ea Witwatersrand le baithaopi ba fetang 200 ba ile ba kena tseleng e eang Qwa-Qwa, e leng leeto la lik’hilomithara tse fetang 700 ho ea le ho khutla, ho ea haha liholo tseo. Ho sebelisoa mokhoa o mocha oa litene tse tšoaranang, liholo tseo tse ’nè li ile tsa qetoa ka matsatsi a tšeletseng ka tšehetso e babatsehang ea barab’abo rōna ba moo. Mabota a holo ea ho qetela a ile a nka lihora tse ’nè feela hore a fihle bophahamong ba marulelo!

Ka Moqebelo oa la 30 May, 1998, baemeli ba Bethele le litho tsa Likomiti tsa Kaho tsa Libaka ba Afrika Boroa, Angola, Malawi, Mozambique, Zambia le Zimbabwe ba ile ba kopana hore ba be teng seminareng ea kaho ea Liholo tsa ’Muso tse litšenyehelo li tlaase. Ba ile ba abelana likhopolo tse ’maloa tse sebetsang ka sepheo sa ho potlakisa lenaneo la kaho e le hore ho be le liholo tse sa bitseng chelete e ngata bakeng sa liphutheho tse eketsehileng.

Liholo tse ling tse tharo li ile tsa neheloa ka June, e leng ea Ganyesa (North West), Valschfontein (Mpumalanga) le Queenstown. Sena se tlisa lenane la Liholo tsa ’Muso tse nehetsoeng selemong sena ho 27.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela