Likopano Tsa Setereke le Tsa Machaba Tsa 1998 Tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo”
1 Liproverbia 10:29 e re hopotsa hore “tsela ea Jehova ke qhobosheane.” Sehlooho sa kopano selemong see ke se loketseng hakaakang—“Tsela ea Molimo ea Bophelo”! Empa sehlooho see se tla hōlisoa joang lenaneong la matsatsi a mararo? Kaofela ha rōna re lebeletse se larileng ka pele ka cheseho e matla. ’Me ho tla totobatsoa lintlha tsa bohlokoa.
2 Baromuoa, bahlanka ba machaba, kapa ba bang ba sebeletsang likabelong tse linaheng lisele ba ka ’na ba e-ba teng kopanong ea lōna. Ho lebeletsoe hore baemeli ba likete ba tsoang linaheng tse ling ba tla ba teng metseng e meholo eo likopano tsa machaba li tlang ho tšoareloa ho eona. Mohlomong u tla kopana le ba bang ba baeti bana. Lenaneo la kopano le tla totobatsa litlaleho tse bontšang kamoo Jehova a hlohonolofatsang mosebetsi kateng libakeng tse sa tšoaneng.
3 Ke Habohlokoa ho Etsa Boiteko ba ho ba Teng: Ba bangata ba barab’abo rōna ba Afrika ba fetile tlas’a maemo a thata ka lebaka la ntoa le meferefere tse teng likarolong tse ling tsa k’honthinente ena. Ba talima likopano tsa batho ba Jehova e le mocha oa bona oa pholoho. Ba bang ba tlameha ho tsamaea libaka tse telele e le hore ba be teng kopanong, leha ho le joalo, ha ba nahane ka ho fosa le e ’ngoe. Mor’abo rōna e mong ea lilemo li 73 oa Democratic Republic of Congo (eo pele e neng e le Zaire) o ile a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 450 ho ea kopanong. O ile a fihla matsatsi a 16 ka mor’a hore a qalise leeto la hae, a ruruhile maoto, empa a thabetse ho ba moo. Ka mor’a kopano, o ile a khutlela hae ka maoto, a tletse thabo hape a matlafetse moeeng. Ena e bile tloaelo ea hae ka lilemo-lemo!
4 Mozambique teng, molebeli e mong oa setereke le mosali oa hae ba ile ba hloa thaba e phahameng ’me ba haola sebaka se seholo se kang lehoatata ka maoto ho ea ba teng kopanong ea potoloho. Ba ile ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse 90 ka lihora tse 45. Bohle ba neng ba le teng ba ile ba khothatsoa haholo ke mohlala o motle oa banyalani bana. Malapa a mangata a neng a le teng a ne a entse boiteko bo tšoanang hore a be teng. Molebeli oa setereke o ile a tlaleha hore barab’abo rōna ba bang, ho kopanyelletsa le e mong ea lilemo li 60, ba tsamaile lik’hilomithara tse 200 ka maoto!
5 Na u se u entse litokisetso tse tiileng tsa ho ba teng kopanong selemong see? Mohlomong ho ke ke ha hlokahala hore u tsamaee sebaka se selelele ka maoto, empa ho tla hlokahala hore u etse boiteko bo itseng le boitelo e le hore uena le lelapa la hao le be teng. Lokisetsang ho ba teng bakeng sa lenaneo lohle ho tloha ha le qala ho fihlela le fela. Liithuti tse ngata tsa Bibele li hatela pele ho ea boinehelong. Ho ba teng ha tsona kopanong ho tla li thusa ho etsa qeto e nepahetseng. Na u se u memme liithuti tsa hao tsa Bibele le batho ba bang ba thahasellang hore ba be teng hammoho le uena?
6 Kopano ea Matsatsi a Mararo: Selemong sena lenaneo le tla nehelanoa likopanong tse 22 tšimong ea lekala la rōna. Hona joale le se le tsebisitsoe ka kopano eo phutheho ea lōna e abetsoeng ho eona, ’me le lokela hore ebe le se le entse litokisetso tse tiileng tsa ho ba teng ho eona ka matsatsi ’ohle a mararo. Na u se u buile le mohiri oa hao e le hore u tle u fumane nako ea phomolo e hlokahalang? Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1998, leqepheng la 6, e thathamisitse matsatsi le libaka tse sa tiisoang bakeng sa likopano tsena. (Bakeng sa liphetoho tse entsoeng lethathamong lena, bona Litsebiso tse ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May, June le July 1998.) Ho phaella ho Senyesemane, lenaneo le tla nehelanoa ka Seafrikanse, Sekwanyama, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu, hammoho le ka Puo ea Matsoho libakeng tse tharo.
7 Tlhokomeliso e Khethehileng: Ke habohlokoa ka ho khetheha hore u be teng kopanong eo phutheho ea heno e abetsoeng ho eona. Ka kōpo le se ke la lokisetsa ho ea ho e ’ngoe ea likopano tsa machaba ntle leha phutheho ea lōna e abetsoe ho eona. Libaka tsa kopano moo likopano tsa machaba li tlang ho tšoareloa teng li ke ke tsa lekana bohle ba neng ba ka rata ho ba teng moo. Tlhompho le tšebelisano-’moho ea lōna ka bomong litokisetsong tsena e tla tiisa hore lintho tsohle li etsahala ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.—1 Bakor. 14: 33, 40.
8 Hoseng ka Labohlano, Moqebelo le Sontaha, lenaneo le tla qala ka 9:30 hoseng. Ka Labohlano le Moqebelo, lenaneo le tla fela ka 5:00 thapama, ’me ka Sontaha ka 4:00 thapama.
9 Ha re e-ea le ha re khutla kopanong, re lokela ho batla menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa reroang. Batho ba sebetsang likaracheng, barekisi mabenkeleng, basebetsi lihoteleng le ba fanang ka lijo ba ka ’na ba thahasella molaetsa oa ’Muso. Lokisetsa sena ka ho tsamaea u nkile lipampitšana, limakasine tsa morao-rao, libukana, kapa lingoliloeng tse ling e le hore u ka sebelisa monyetla oa ho pakela batho bao mohlomong ba ke keng ba finyelloa ka litaba tse molemo.—2 Tim. 3:17.
10 “Le Ele Hloko Kamoo le Mamelang Kateng”: Ba tlileng kopanong ba etsa ka bohlale ha ba mamela keletso e fumanoang ho Luka 8:18. Bohle ba khothalletsoa ho tla le Bibele hammoho le buka ea lipina le buka ea ho ngolla lintlha. Mamela ka hloko lintlha tsa sehlooho tsa puo ka ’ngoe, ’me u ngole lintlha ka bokhutšoanyane. Ipotse hore na u ka sebelisa boitsebiso boo joang ka bouena. Bosiu bo bong le bo bong ba kopano, pele u robala, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe lintlha tseo u li ngotseng le ho hlahlobisisa hore na u khomaretse tsela ea Jehova ea bophelo haufi hakae?—Liprov. 4:10-13.
11 Ho ’nile ha hlokomeloa hore nakong ea mananeo, ba bang ba tsoa ka holong ho ea lula ka likoloing tsa bona, kahoo ba fetoa ke lipuo tse lenaneong. Ba bang ba ’nile ba bonoa ba solla liphasejeng ha ba ne ba lokela hore ebe ba lutse ka holong ’me ba mametse. Lihlopha tsa bacha li ’nile tsa bonoa li tloha lebaleng la kopano nakong ea motšehare oa mantsiboea. Bahlanka ba bang ba Jehova ba nakong e fetileng ba ile ba etsa liphoso tse tebileng bophelong ba bona ka lebaka la ho se mamele likhopotso tsa Jehova ka hloko. Ka sebele re tla batla ho qoba ho etsa phoso e tšoanang. (2 Mar. 17:13-15) “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le re lokiselitse taeo eo kaofela ha rōna re e hlokang. Ke habohlokoa ka ho khetheha hore re “ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa” karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lenaneo la kopano ea matsatsi a mararo. Letsatsi le leng le le leng ho tla ba le ho hong ho thahasellisang ka ho khethehileng, ho akarelletsa le boitsebiso boo ka sebele bo tlang ho ba le phello e hahang tseleng ea rōna ea bophelo nakong e tlang. Ka lebaka leo, a re luleng fatše pele lenaneo le qala bakeng sa ho mamela ’mino o rekotiloeng ’me re lule litulong tsa rōna ho fihlela lenaneo le fela. Ka kōpo sebelisanang hammoho le bahlokomeli ha ba le hopotsa hore le lule litulong tsa lōna. Ka ho mamela ha rōna ka hloko le ho sebelisa ka botlalo seo Jehova a re lokiselitseng sona moeeng letotong la likopano tse tlang, tšepo ea rōna e tla tiea, e le hore “le ka mohla re se ke ra hoholeha” ho tloha tseleng ea Molimo ea bophelo.—Mat. 24:45; Ba-heb. 2:1.
12 Moaparo o Hlomphang Jehova: Linakong tsena tse mahlonoko, re lokela ho ba hlokolosi ka tsela e fetang e tloaelehileng e le hore re tle re se ke ra susumetsoa ke moea oa lefatše lena. (1 Bakor. 2:12) Moaparo le boitlhopho ba rōna e lokela ho ba tse itekanetseng ’me li lokela ho bonahatsa seriti sa Molimo eo re mo rapelang. (1 Tim. 2:9, 10) Ha ho hlokahale liaparo tsa theko e boima e le hore re be har’a ba ‘khabisang thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo.’ (Tite 2:10) Hlokomela keletso e sebetsang le ea Mangolo e leqepheng la 17 le la 18 tokollong ea Molula-Qhooa oa June 15, 1997, lirapeng tsa 14-18. Le ka mohla u se ke ua halala bopaki bo matla boo re ka fanang ka bona ka ho apara ka tsela e hlomphang Jehova.
13 Paki e ’ngoe e lilemo li 16 e tlaleha hore ha eona le khaitseli ea eona ba e-ea reschorenteng mantsiboeeng a mang ka mor’a mananeo, ba ile ba hlokomela hore bara le barali babo rōna ba bang ba neng ba le teng moo ba ne ba se ba apere ka tsela e sa lokelang. Leha ho le joalo, basebetsi ba bangata ba reschorente ba ile ba itšoara hamolemo ha ba bona Lipaki tse neng li apere ka makhethe le ka tsela e loketseng ’me li qhoaetse libeche tsa tsona. Sena se ile sa bula monyetla oa ho fana ka bopaki ho ba bang ba basebetsi.
14 Boitšoaro bo Rorisang Jehova: Rea tseba hore boitšoaro ba rōna ba Bokreste bo ka ama tsela eo ba bang ba talimang borapeli ba ’nete ka eona. Ka lebaka leo, ka linako tsohle re batla ho itšoara ka tsela e tšoanelang litaba tse molemo le e rorisang Jehova.—Bafil. 1:27.
15 Selemong se fetileng, ho ile ha tšoaroa kopano ea setereke ka lekhetlo la pele Angola e ka leboea. Letsatsing la bobeli la kopano, ho ile ha romeloa mapolesa a mabeli a moo lebaleng la kopano ho ea hlokomela hore batho ba boloka taolo. A ile a lula letsatsi lohle. Qetellong ea letsatsi, a ile a bolela kamoo a ananetseng kateng seo a se utloileng le boitšoaro bo laolehileng boo a bo hlokometseng. Le leng la ’ona le ile la re: “Ke hobane’ng ha re rometsoe mona? Rea tseba hore Lipaki tsa Jehova li lula li laolehile lipokanong tsa tsona.”
16 Setho se seng sa mokha oa lipolotiki naheng e ’ngoe ea Afrika se ile sa balehela Europe ha litho tse ling tsohle tsa mokha oa habo sona li ne li bolaoa. Se ile sa thulana le mathata a mangata a botho ’me sa nyahama haholo. Hamorao se ile sa amohela thuto ea Bibele. Ha se qala ho ea kopanong ea setereke, se ile sa khahloa ke hore batho ba limelo tse sa tšoaneng ba ne ba kopane hammoho ka khotso le kutloano. Se ile sa kholiseha hore se fumane ’nete, ’me hona kopanong eo sa etsa qeto ea ho khaola maqhama ’ohle a sona a lipolotiki. Hamorao se ile sa kolobetsoa, ’me hona joale sona hammoho le bana ba sona ba sebeletsa Jehova.
17 Selemong see boitšoaro ba rōna kopanong bo tla ama bao mohlomong ba qalang ho ba teng joang? Na ba tla hlokomela moea oa tšebelisano-’moho o bonahalang ha re sebetsa ’moho ka boithaopo? Na ba tla khahloa ke ho hloeka ha tikoloho ea rōna le ke ho bona rōna le bana ba rōna re thonaka ntho leha e le efe e litšila eo e ka ’nang eaba e oetse pel’a litulo tsa rōna pele re tloha lebaleng la kopano? Na ba tla hlokomela boitšoaro ba rōna bo botle ha re e-ea le ha re khutla libakeng tsa rōna tsa bolulo le lebaleng la kopano? Na ba tla hlokomela hore rōna joaloka batsoali, re beha bana ba rōna leihlo ka linako tsohle? A re etseng bonnete ba hore re fana ka maikutlo a molemo ka ho fetisisa ho bohle ba re shebileng.
18 Ho Koahela Litšenyehelo Tsa Kopano: Tekete ea ho fumana setulo lebaleng la lipapali kapa holong ea kopano bakeng sa ho shebella papali kapa pontšo e itseng e ka bitsa chelete e ngata lefatšeng la kajeno. Ho isa tekanyong e itseng sena se bakoa ke litefiso tse boima tsa ho hira libaka tse metseng e meholo. Kamehla leano la Mokhatlo likopanong e bile hore, “litulo ha li lefelloe, ha ho koleke.”Joale, litefiso tsa khiro le litšenyehelo tse ling tsa kopano li tla khahlametsoa joang? Ka menehelo e etsoang ka seatla se bulehileng ke ba leng teng. Re kholisehile hore le tla bontša moea oa ho fana ka seatla se bulehileng o tšoanang le oo bahlanka ba Molimo ba ileng ba o bontša nakong e fetileng ba etsisa Jehova Molimo le Jesu Kreste. (2 Bakor. 8:7) Ho sebetsoa ka hlokolosi ho tiisa hore menehelo eohle e sireletsehile, e tlalehiloe hantle le hore e sebelisetsoa morero oo e o reretsoeng. Menehelo leha e le efe e ntšoang ka cheke e lokela ho lefuoa ho “Watch Tower Convention.”
19 Litulo: Litaelo tse ’nileng tsa fanoa lilemong tse ngata li tla ’ne li tsoele pele ho sebetsa, e leng hore LITULO Ll KA BOLOKELOA FEELA LlTHO TSA LELAPA LA HAO TSE HAUFI-UFI LE BATHO LEHA E LE BAFE BA SAMAEANG LE UENA KA KOLOI EA HAO. E bile ho khothatsang ho bona ntlafatso e babatsehang tabeng ena, ’me sena se matlafalitse boemo bo lerato bo renang likopanong. Libakeng tse ngata, litulo tse ling li fumaneha habonolo ho feta tse ling. Ka kōpo bontšang ho nahanela, ’me le tlohelle litulo tse ka fihleloang habonolo bakeng sa ba hōlileng le bao maemo a bona a ba hlokang joalo. Hopolang hore ‘lerato ha le batle lithahasello tsa lona.’—1 Bakor. 13:4, 5; Bafil. 2:4.
20 Lik’hamera, Lik’hamera Tsa Video le Mechine e Rekotang ka Lik’hasete: Lik’hamera le thepa ea ho rekota li ka ’na tsa sebelisoa likopanong. Leha ho le joalo, ho li sebelisa ha hao ha hoa lokela ho sitisa ba bang. Ho tsamaea u nka litšoantšo nakong ea mananeo ho ka sitisa ba bang ba lekang ho tsitsisa mohopolo oa bona lenaneong. Ha ho thepa ea mofuta ofe kapa ofe ea ho rekota e lokelang ho hokelloa tsamaisong ea motlakase kapa ea molumo, leha e le hore thepa ena e koale liphaseje, litselana, kapa e sire ba bang.
21 First Aid: Lefapha la First Aid ke la maemo a tšohanyetso feela. Ka kōpo itlele le aspirin ea hao, meriana ea bothata ba mala, masela a tlamisang, lipelete le lintho tse ling tse joalo hobane li ke ke tsa e-ba teng kopanong. Batho leha e le bafe bao ho tsejoang hore ba na le lefu la ho oa, ho akheha ho bakoang ke lefu la tsoekere, mathata a pelo, joalo-joalo, ba lokela ho tla le meriana e hlokahalang. Ba lokela ho lula le setho sa lelapa kapa sa phutheho se utloisisang boemo ba bona le se ka fanang ka thuso maemong a tšohanyetso, haeba boemo bo joalo bo ka hlaha. Ho ile ha hlaha mathata likopanong ha batho ba nang le maloetse a sa foleng ba setse ba le bang ’me ba kula. Haeba ba bang ba nang le litlhoko tse khethehileng tsa bophelo ba se na litho tsa lelapa tse ka ba thusang, baholo ba tla lokela ho tsebisoa ka boemo bona ’me ba lokela ho etsa litokisetso tse hlokahalang tsa ho ba thusa. Kopanong ho ke ke ha e-ba le tokisetso ea likamore tse khethehileng bakeng sa ba kulisoang ke lintho tse itseng.
22 Lijo Kopanong: Motho e mong le e mong ea teng o lokela ho itlela le lijo ho e-na le hore a tlohe sebakeng sa kopano nakong ea khefu motšehare ho ea reka ho itseng ka ntle. Lijo tse bobebe tse matlafatsang le tseo ho leng bonolo ho tsamaea ka tsona mohlomong li tla lekana. Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1995, serapeng sa 26, e fana ka litlhahiso tsa se ka nkuoang. Lintho tsa khalase le lino tse tahang ha lia lumelloa sebakeng sa kopano. Li-cooler tsa lijo kapa mekotla e lokela ho ba tse nyenyane ho lekana hore li khone ho fella ka tlas’a litulo tsa lōna. Ba bang har’a bamameli ba ile ba bonoa ba itjella le ho inoella nakong ea lenaneo. Sena se bontša ho se hlomphe ketsahalo eo.
23 Re thaba hakaakang hore ebe Likopano tsa 1998 tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” li haufi le ho qalisa! Na u se u qetile ho etsa litokisetso tsa ho ba teng ho eona? E se eka u ka ba le leeto le sireletsehileng ’me ua khutlela hae u khatholohile, u ikemiselitse ho tsoela pele tšebeletsong ea bohlokoa ea Jehova le ho lula u phehella tsela ea Molimo ea bophelo bakeng sa tlhohonolofatso ea hao ea ka ho sa feleng.
[Lebokose le leqepheng la 10]
Likhopotso Tsa Kopano
■ Kolobetso: Ba eang kolobetsong ba lokela hore ba be ba lutse karolong eo ba e lokiselitsoeng pele lenaneo le qala ka Moqebelo hoseng. E mong le e mong ea rerang ho kolobetsoa o lokela ho tla le liaparo tse hlomphehang tsa ho kena metsing le thaole. Nakong e fetileng ba bang ba ’nile ba apara liaparo tse sa lokelang ketsahalo ena le tse tlosang ketsahalo ena seriti. Baholo ba hlahlobang lipotso tse bukeng ea Tšebeletso ea Rōna le batho ba eang kolobetsong ba lokela ho tiisa hore e mong le e mong oa bona o utloisisa lintlha tsena. Kolobetso eo e leng pontšo ea boinehelo ke taba ea botho e mahareng a motho le Jehova. Kahoo, ha hoa lokela hore ba eang kolobetsong ba hakane kapa ba tšoarane ka matsoho nakong ea kolobetso.
■ Libeche: Ka kōpo qhoaela beche ea 1998 ka linako tsohle ha u le motseng oa kopano le ha u e-ea teng le ha u khutla. Hangata sena se re fa menyetla ea ho fana ka bopaki bo botle. U lokela ho iphumanela libeche le likoahelo ka phutheho ea heno kaha li ke ke tsa fumaneha kopanong. U se eme ho fihlela matsatsing a ’maloa pele ho kopano ebe hona u batlang libeche bakeng sa hao le lelapa la hao. Hopola ho nka karete ea hao ea Advance Medical Directive/Release e nakong.
■ Marobalo: Re kōpa hore e mong le e mong a tšoarisane le Lefapha la Marobalo. Bangoli ba phutheho ba lokela ho tiisa hore liforomo tsa Kōpo ea Kamore li romeloa kapele-pele atereseng e loketseng ea kopano. Haeba u ke ke ua hlola u sebelisa tokisetso ea bolulo e entsoeng ke Lefapha la Marobalo, u lokela hore hang-hang u tsebise mong’a ntlo kapa hotele le ba Lefapha la Marobalo la kopano e le hore kamore eo e ka abeloa motho e mong.
■ Likoloeana Tsa Bana: Lefapha la Mollo le khothalletsa hore likoloeana tsena li se kene ka holong le ho behoa liphasejeng le litselaneng tsa holo kapa pakeng tse mela ea litulo. Kaha letšoele le leholo la batho le ka baka tšubuhlellano, likoloeana tsena li ka ba kotsi ho ngoana le ho motho leha e le ofe eo li ka mo khopang. Ka lebaka leo, ka kōpo le se ke la kena le tsona ka holong. Litulo tseo masea kapa bana ba behoang ho tsona ka koloing li lumeletsoe kaha li ka faselletsoa litulong haufi le batsoali. Tšebelisano-’moho ea lōna ke ea bohlokoa ’me ea ananeloa.
■ Tšebeletso ea Boithaopo: Na u ka behella nako e itseng ka thōko kopanong bakeng sa ho thusa ho le leng la mafapha? Ho sebeletsa ba-rab’eno, esita le haeba e le ka lihora tse seng kae feela, e tla ba thuso e khōlō ’me ho tlisa khotsofalo e khōlō ho motho. Haeba u ka khona ho thusa, ka kōpo itlhahise Lefapheng la Tšebeletso ea Boithaopo kopanong. Bana ba ka tlaase ho lilemo tse 16 le bona ba ka fana ka thuso e molemo ka ho sebetsa le motsoali kapa motho e mong e moholo ea nang le boikarabelo.
■ Tlhokomeliso: Tiisa hore koloi ea hao e notletsoe ka linako tsohle, ’me le ka mohla u se siee letho le bonahalang le ka lekang motho hore a thuhe le ho kena. Masholu le bak’hothotsi ba rata lipokano tse khōlō. E ke ke ea e-ba ntho e bohlale ho siea lintho leha e le life tsa bohlokoa setulong sa hao. U ke ke ua tiisa hore e mong le e mong ea leng pel’a hao ke Mokreste. Ke hobane’ng ha u ka ba beha tekong ka ntho leha e le efe? Ho amohetsoe litlaleho tsa batho ba ka ntle ba ileng ba leka ho hokahoka bana hore ba tlohe sebakeng sa kopano. LULA U HLOKOMETSE BANA BA HAO KA LINAKO TSOHLE.