Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/98 leq. 1
  • Bohle ba Lokela ho ‘Amohela Lentsoe ka Pelo Eohle’!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bohle ba Lokela ho ‘Amohela Lentsoe ka Pelo Eohle’!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao sa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Mokhoa oa ho Etsa Barutuoa ka Buka ea Tsebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 11/98 leq. 1

Bohle ba Lokela ho ‘Amohela Lentsoe ka Pelo Eohle’!

1 Batho ba limilione ba ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. E le hore ba tšoanelehe bakeng sa bophelo bo sa feleng, ba lokela ho ‘amohela lentsoe ka pelo eohle,’ joalokaha ho entse ba 3000, ba ileng ba baka ’me ba kolobetsoa ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E. (Lik. 2:41) See se tlisa boikarabelo bofe ho rōna kajeno?

2 Ho hlokahala hore re thuse liithuti tsa rōna tsa Bibele ho hlaolela boinehelo ho Jehova. (1 Tim. 4:7-10) Ka lebaka leo, kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, serapeng sa 20 e etsa tlhahiso ena: “Nakong eohle ea thuto, sheba menyetla ea ho haha kananelo bakeng sa litšoaneleho tsa Jehova. Hlalosa maikutlo a hao a tebileng ka Molimo. Thusa seithuti hore se nahane ka ho hōlisa kamano e mofuthu le ea botho le Jehova.”

3 Phephetso eo Re Talimanang le Eona: Batho ba bangata, ba susumelitsoeng ke bolumeli ba bohata, ba khotsofaletse mofuta oa borapeli o hlokang nako e fokolang le boiteko bo fokolang, ho sa hlokahale hore ba etse phetoho leha e le efe ea sebele tseleng ea bona ea bophelo. (2 Tim. 3:5) Phephetso eo re talimaneng le eona ke ho thusa liithuti tsa rōna tsa Bibele ho bona hore borapeli ba ’nete bo akarelletsa ho fetang feela ho ba bautloi ba lentsoe la Molimo. Li lokela ho sebelisa seo li ithutang sona bophelong ba tsona. (Jak. 1:22-25) Haeba ntho e itseng ka boitšoaro ba tsona e sa amohelehe ho Molimo, ho hlokahala hore li bone boikarabelo ba tsona ba ho ‘sokoloha’ le ho etsa se nepahetseng hore li mo khahlise. (Lik. 3:19) Hore li fumane bophelo bo sa feleng, li lokela ‘ho ikitlaetsa ka matla’ le ho emela ’nete ka tieo.—Luka 13:24, 25.

4 Ha le tšohla litšobotsi tse sa tšoaneng tsa boitšoaro, botsa seithuti sa hao sa Bibele hore na se hlile se talima litaba tsena joang le hore na se lokela ho etsa eng haeba se bona ho hlokahala hore se etse liphetoho bophelong ba sona. Lebisa tlhokomelo ea sona mokhatlong o hlophisitsoeng oo se ithutang ’nete ka oona, ’me u se khothalletse ho ba teng libokeng tsa phutheho kamehla.—Baheb. 10:25.

5 A re ho etseng pakane ea rōna ho finyella pelo ea seithuti ka ho ruta ha rōna. Re tla thaba ha re susumetsa ba bacha hore ba amohele lentsoe la Molimo ka pelo eohle ’me ba kolobetsoa!—1 Bathes. 2:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela