Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka November: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 bakeng sa buka e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e nang le sekoahelo sa pampiri. December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng hammoho le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R9,00 ha ho nehelanoa ka buka e sekoahelo se thata, le R7,75 ha ho nehelanoa ka buka e nang le sekoahelo sa pampiri. January: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R19,00, kapa le Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R11,50. February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata, le R3,75 bakeng sa e nang le sekoahelo sa pampiri.
◼ Liphutheho li lokela ho odara limemo tsa tsona tsa Sehopotso bakeng sa 1999 foromong ea tsona e latelang ea Literature Order (S-14). (Ha ho sa tla hlola ho fanoa ka foromo ea ho odara e ka thōko.) Limemo li fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Le lokela ho odara ka lihlopha tsa tse 100 puo ka ’ngoe. Tefello ke R1,80 tse 100. Liphutheho tse nang le khaello ak’haonteng ea tsona ea libuka li lokela ho romela chelete le liodara tsa tsona. Ka kōpo, odarang ka kelo-hloko kaha ke bakeng sa batho ba thahasellang feela, eseng bakeng sa kabo e akaretsang.
◼ Molebeli ea okamelang: Ka kōpo, tiisa hore u romela Mokhatlo tlaleho ea Kabelo ea Tšimo e sa Abuoang (S-91) le liphihlelo leha e le life tse thahasellisang pele ho la 17 November, 1998. Etsa bonnete ba hore ho etsoa tefello e nepahetseng ea poso bakeng sa enfelopo e khōlō.