Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/98 leq. 7
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 11/98 leq. 7

Litaba Tsa Puso ea Molimo

Afrika Boroa: Liholo tse ling tsa ’Muso tse leshome li nehetsoe, e leng: Elandskraal (ka leboea-bophirimela ho Pretoria), Ezibeleni (Queenstown), Kagiso West (Krugersdorp), Ramotse (ka leboea ho Pretoria), Sebokeng East (Vanderbijlpark), Swellendam (Western Cape) le Diepdal, Elukwatini, Fernie West le Mayflower (Mpumalanga). Sena se tlisa kakaretso ea liholo tse nehetsoeng selemong sena sa tšebeletso ho 37, e leng palo ea bobeli lipalong tse khōlō ka ho fetisisa tsa liholo tse nehetsoeng ka selemo se le seng sa tšebeletso.

Re lakatsa ho hlalosa kananelo bakeng sa moea oa boitelo o bontšitsoeng ke Likomiti tsa Kaho tsa Libaka tse 20 hammoho le baithaopi bohle. Ba ile ba qeta lihora tse ngata kahong ea liholo tsena ’me ba tsamaea lik’hilomithara tse ngata, beke ka mor’a beke, hore ba phethe merero ena kaofela. Ba bang ba ile ba etsa menehelo kamehla, ’me ruri sena sea babatseha. Re rapella hore Jehova a tsoele pele ho hlohonolofatsa boiteko ba bona.

Ho na le Liholo tsa ’Muso tse 33 tse ntseng li le mocheng oa hore li hahuoe ’me li lokela hore li phethoe le ho neheloa selemong sa tšebeletso sa 1999. Haeba hajoale ha u thuse Komiti ea Kaho ea Libaka ea heno, ka kōpo tlatsa foromo ea Kingdom Hall Construction Questionnaire (S-82) ’me u e khutlisetse ho molebeli ea okamelang oa heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela