Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/99 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
km 1/99 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka January: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R19,00, kapa le Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R11,50. February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e sekoahelo sa pampiri, kapa buka leha e le efe ea khale e maqephe a 192 eo le nang le eona setokong ka monehelo oa R1,00. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e sekoahelo sa pampiri, kapa buka leha e le efe ea khale e maqephe a 192 eo le nang le eona setokong ka monehelo oa R1,00. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele tsa lehae ka buka ea Tsebo. April: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! E-bang le bukana ea Seo a se Hlokang bakeng sa batho ba thahasellang, ’me le leke ho qalisa lithuto tsa Bibele tsa lehae.

◼ Bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba leng teng Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 18 January ba tla fuoa likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Card bakeng sa bana ba bona.

◼ Puo e ncha ea phatlalatsa bakeng sa balebeli ba potoloho e tla ba “Molimo ke oa Sebele Hakae ho Uena?” ho tloha ka February, empa eseng ka mor’a la 1 March.

◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tsa ho keteka Sehopotso sa selemong sena ka Labone la la 1 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Le hoja puo e ka qalisa pejana, ho fetisa litšoantšetso tsa Sehopotso ha hoa lokela ho qala ho fihlela ka mor’a hore letsatsi le likele. Hlahlobang mehloling ea habo lōna ho lekanyetsa hore na letsatsi le likela neng sebakeng sa lōna. Le hoja e le ntho e ntle hore phutheho ka ’ngoe e tšoare mokete oa eona oa Sehopotso, hase kamehla sena se ka khonehang. Moo ka tloaelo liphutheho tse ’maloa li sebelisang Holo ea ’Muso e le ’ngoe, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa tse eketsehileng li ka fumana sebaka seo li ka se sebelisang mantsiboeeng ao. Moo ho khonehang, re etsa tlhahiso ea hore bonyane ho be le nako ea metsotso e 40 pakeng tsa mananeo e le ho fana ka nako ea ho lumelisa baeti, ho khothatsa ba sa tsoa thahasella le ho rua molemo ka ho feletseng ketsahalong eo. Hape ho lokela hore ho nahaneloe mathata a sephethephethe le ho paka makoloi, ho akarelletsa le ho theola le ho palamisa batho. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemohali sebakeng ka seng.

◼ Puo e khethehileng nakong ea Sehopotso ea 1999 e tla fanoa ka Sontaha, sa la 18 April. Sehlooho sa puo e tla ba “Botsoalle ba ’Nete le Molimo le Moahelani.” Kemiso ea puo eo e tla fanoa. Liphutheho tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho, kopano ea potoloho kapa letsatsi le khethehileng la kopano mafelo-bekeng ao, li tla ba le puo e khethehileng bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho la 18 April, 1999.

◼ Mokhatlo o rata ho leboha ka mofuthu bohle ba ileng ba arabela ka potlako ka hore ka seatla se bulehileng ba fane ka liphallelo ho barab’abo rōna ba Lesotho nakong eo ho neng ho se na botsitso lipolotiking selemong se fetileng.

La 10 April, 1999, e tla ba Letsatsi la rōna la Limakasine le khethehileng. Nakong e fetileng, ba bangata ba ile ba thabela ho kopanela mosebetsing oa Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Ke hobane’ng ha u sa qale ho etsa litokisetso hona joale e le hore u ka kopanela ka botlalo selemong see? Liphutheho li lokela ho etsa liodara tse khethehileng tsa limakasine kapele kamoo ho ka khonehang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela