Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e sekoahelo sa pampiri, kapa buka leha e le efe ea khale e maqephe a 192 eo le nang le eona setokong ka monehelo oa R1,00. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e sekoahelo sa pampiri, kapa buka leha e le efe ea khale e maqephe a 192 eo le nang le eona setokong ka monehelo oa R1,00. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele tsa lehae ka buka ea Tsebo. April le May: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! E-bang le bukana ea Seo a se Hlokang bakeng sa batho ba thahasellang, ’me le leke ho qalisa lithuto tsa Bibele tsa lehae.
◼ Ho qala bekeng ea la 22 March, 1999, ho tla ithutoa buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela Thutong ea Buka ea Phutheho. Tokollo ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e na le kemiso e feletseng. U ka ’na ua fota kopi ea eona ’me ua e kenya ka bukeng ea hao hore e be haufinyane ha u e hloka. Tataiso e mabapi le hore na kenyelletso ea buka ena e tla ithutoa joang e hlalositsoe ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1992, leqepheng la 1, serapeng sa 5 tlas’a sehlooho se reng “Ho Ithuta Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.”
◼ Liphutheho li lokela ho ngola Nomoro ea tsona ea Phutheho mangolong ’ohle a tlang ho Mokhatlo, kaha bongata ba mananeo a rōna a k’homputha a hloka nomoro eo. Tšebelisano ea lōna e mosa e tla ananeloa haholo.
◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba leha e le bafe ba thatafalloa ke ho finyella lihora tse hlokahalang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore ho fanoe ka thuso. Bakeng sa ho fumana litlhahiso, hlahlobang mangolo a Mokhatlo a selemo le selemo a S-201 a la 1 October. Hape bonang le kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1986, serapeng sa 12-20.
◼ Mokhatlo o mema baholo le ba malapa a bona ho etsa likōpo tsa hore e be baeti kopanong ea setereke ea St. Helena ka December 1999. Haeba u e-na le thahasello, ka kōpo, ngola lengolo, le saenoe ke komiti ea tšebeletso ea heno, ’me u le romele Mokhatlong kapele kamoo ho ka khonehang. Haeba u amoheloa, re tla u fa boitsebiso bo eketsehileng. Sekepe se tla tloha Cape Town ka la 27 November ’me se tla khutla hoo e ka bang ka la 22 December, ’me hoo ho tla u fa monyetla oa hore u be sehlekehlekeng seo ka matsatsi a ka bang 15.
◼ Likhatiso Tse Ncha Tse Fumanehang:
Is There A Creator Who Cares About You? (phutheho le batho bohle: R3,75; bo-pula-maliboho: R2,50)—Seafrikanse, Sedache, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepholishe, Sepotoketsi, Setaliana
Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa? (phutheho le batho bohle: R1,20; bo-pula-maliboho: R0,80)—Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Sedache, Sefora, Segerike, Sejeremane, Senyesemane, Sepedi, Sepholishe, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Seswahili, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu
◼ Lik’hasete Tse Ncha Tsa Video Tse Fumanehang:
Noah—He Walked With God (phutheho le batho bohle: R55,00; bo-pula-maliboho: R45,00)—ka Senyesemane