Mokete oa Sehopotso sa Lefu la Kreste Lefatšeng ka Bophara
1 Jehova o re tšolletse limpho tse ngata. Phello e feletseng ea molemo oa hae le mosa o lerato e hlalosoa ka ho hlaka e le “mpho ea hae e ke keng ea hlalosoa.” E, ‘mosa o sa tšoanelang oa Molimo’ o babatseha hoo re sitoang ho o hlalosa.—2 Bakor. 9:14, 15.
2 Mpho ea Hae e Khōlō ka ho Fetisisa: Jesu Kreste, joaloka Morekolli oa moloko oa batho, ke mpho e khōlō ka ho fetisisa. Ha a bontša lerato la hae le leholo bakeng sa lefatše la moloko oa batho, Jehova o ile a fana ka Mora oa hae ea ratoang le ea tsoetsoeng a ’notši. (Joh. 3:16) Hoa tšoaneleha hore ho hopoloe tlhohonolofatso e joalo e sa tšoanelang e tsoang ho Molimo. Neng hona joang? Mantsiboeeng a Labone, la la 1 April, 1999, Bakreste ho pota lefatše ba tla ikhopotsa Lijo tsa Shoalane tsa Morena ka ho keteka Sehopotso sa sehlabelo se seholo ka ho fetisisa.—1 Bakor. 11:20, 23-26.
3 Kreste o re shoetse esita le “ha re ne re sa le baetsalibe,” ’me re ka bontša hore re ananela seo ka ho keteka Sehopotso sa lefu la hae le ka ho mema ba bang hore ba kopanele le rōna ketsahalong eo ea bohlokoahali.—Baroma 5:8.
4 Ketsahalo ea Bohlokoa ka ho Fetisisa: Ho keteka lefu la Kreste, ka ho khethehileng ho totobatsa hore o ile a khomarela bobusi ba Molimo ka tsela e se nang sekoli. Ho boetse ho re hopotsa hore re ka thabela boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova ka ho sebelisa tumelo sehlabelong sa Jesu, ka tsela eo re kholiseha hore re tla bolokeha. (Lik. 4:12) Ka sebele, ena ke ketsahalo ea bohlokoa ka ho fetisisa selemong!
5 Re bontša hore re rata baahisani ba rōna ka ho ba memela ho keteka Lijo tsa Shoalane tsa Morena le rōna. Melemo ea thekollo e lula e fumaneha ho ba limilione ba ithutang ka bohlokoa ba eona bo phahameng. (Bafil. 3:8) Ba sebelisang tumelo sehlabelong sa Kreste ba ka ba le tšepo e tiileng ea bophelo bo sa feleng.—Joh. 17:3.
6 Nako ea Sehopotso e re fa menyetla e khethehileng ea hore re bontše kananelo bakeng sa mosa oa Molimo o sa tšoanelang ka ho fetisisang. Ena ke nako e ntle haholo ea ho kopanela ka cheseho boboleling ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Melemo e meholo e letetse bohle ba nahanang ka tieo ka mpho ea Jehova ea mahala e fetisisang ’me ba lokisetsa ho ba teng moketeng oa Lijo tsa Shoalane tsa Morena selemong sena!