Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri, kapa buka leha e le efe e maqephe a 192 eo le nang le eona setokong ka monehelo oa R1,00. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele ka buka ea Tsebo. April le May: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! E-bang le bukana ea Seo a se Hlokang bakeng sa batho ba thahasellang, ’me le leke ka matla ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. June: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 e sekoahelo sa pampiri.
◼ Bahoeletsi ba lakatsang ho nka bopula-maliboho bo thusang ka April le May ba lokela ho qala ho etsa litokisetso hona joale ’me ba fane ka liforomo tsa kōpo ka potlako. Sena se tla thusa baholo ho etsa litokisetso tse loketseng tsa tšebeletso ea tšimo le tsa ho ba le limakasine le lingoliloeng tse ling tse lekaneng. Mabitso a bo-pula-maliboho bohle ba thusang bao likōpo tsa bona li amohetsoeng a lokela ho phatlalatsoa phuthehong.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba boemo ba lichelete ba phutheho ka la 1 March kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, tsebisa phutheho ka mor’a hore tlaleho e latelang ea lichelete e etsoe.
◼ Na u boemong ba ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane? Ho fanoe ka lethathamo la libaka ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 1998. Haeba u e-na le thahasello ebile u fumaneha, buisana le baholo ba phutheho ea heno ka hona ebe u ngolla Mokhatlo.
◼ Sehopotso se tla ba ka Labone, la 1 April, 1999. Haeba ka tloaelo phutheho ea lōna e ba le liboka ka Labone, li lokela ho tšoaroa ka letsatsi le leng bekeng haeba Holo ea ’Muso e fumaneha. Haeba ho sa khonehe ’me ho ameha Seboka sa lōna sa Tšebeletso, likarolo tse amang phutheho ea lōna ka ho khetheha li ka kenyelletsoa Sebokeng sa Tšebeletso se seng.
◼ Khatiso ea 1997 ea Watchtower Library e ho CD-ROM joale ea fumaneha ka Sefora, Senyesemane, Sepanishe, Sepotoketsi le Setaliana ka R51,00 bahoeletsi le bo-pula-maliboho. Re kōpa hore le hopole hore ha ea lokela ho abeloa batho bohle, ho behoa lilaebraring tsa likolo kapa ho fuoa batho ba mpang ba thahasella Lipaki tsa Jehova feela. Watchtower Library e lokiselitsoe litho tsa phutheho ’me e fumanoa ka phutheho feela.
◼ Ho le thusa hore le itokisetse ho ba teng kopanong ea setereke ea 1999, re thabela ho le fa matsatsi ana a sa tiisoang.
DECEMBER 10-12:
Bisho (Sexhosa)
Bloemfontein (Seafrikaanse, Senyesemane, Sesotho)
Cape Town (Seafrikaanse, Senyesemane, Puo ea Matsoho, Sexhosa)
Pretoria (Sepeli, Sesotho, Setswana)
St. Helena (Senyesemane)
Windhoek (Seafrikaanse/Senyesemane, Sekwanyama)
DECEMBER 17-19:
Empangeni (Sezulu)
Gaborone (Senyesemane, Setswana)
George (Seafrikaanse/Senyesemane)
Kokstad (Sexhosa)
Manzini (Senyesemane, Sezulu)
Maseru (Sesotho)
Pietermaritzburg (Sezulu)
Soweto (Sezulu 1)
DECEMBER 24-26:
Durban (Senyesemane, Puo ea Matsoho)
Johannesburg (Seafrikaanse, Senyesemane, Sepotoketsi, Puo ea Matsoho)
KaNyamazane (Sezulu)
Port Elizabeth (Seafrikaanse, Senyesemane)
Port Elizabeth (Sexhosa)
Pretoria (Sezulu)
Soweto (Sesotho)
Springs (Sesotho, Sezulu)
DECEMBER 31–JANUARY 2, 2000:
Durban (Sezulu)
Ermelo (Sezulu)
Lebowakgomo (Sepedi)
Mafikeng (Setswana)
Newcastle (Sezulu)
Phalaborwa (Setsonga)
Soweto (Sezulu 2)
Thohoyandou (Sevenda)
Umtata (Sexhosa)