Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/00 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 1/00 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka January: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela kapa ea Moloko oa Batho o Batla Molimo. February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. April: Likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Lula u e-na le bukana ea Seo a se Hlokang bakeng sa batho ba thahasellang, ’me u leke ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele.

◼ Bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba teng Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 31 January ba ka fumana karete ea Advance Medical Directive/Release le Identity Card bakeng sa bana ba bona.

◼ Puo e ncha ea phatlalatsa bakeng sa balebeli ba potoloho e tla ba e reng “Armagedone ea Sebele—Hobane’ng? Hona Neng?” ho tloha ka February, empa eseng ka mor’a la 5 March.

◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng tsa ho keteka Sehopotso selemong sena ka Laboraro la la 19 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Le hoja puo e ka qalisa pejana, ho fetisa litšoantšetso tsa Sehopotso ha hoa lokela ho qala ho fihlela ha letsatsi le se le liketse. Hlahlobang mehloling ea habo lōna hore le fumane hantle hore na letsatsi le likela neng sebakeng sa lōna. Le hoja e le ntho e ntle hore phutheho ka ’ngoe e tšoare mokete oa eona oa Sehopotso, hase kamehla sena se ka khonehang. Moo ka tloaelo liphutheho tse ’maloa li sebelisang Holo e le ’ngoe ea ’Muso, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa tse eketsehileng li ka fumana sebaka se seng seo li ka se sebelisang mantsiboeeng ao. Moo ho khonehang, re etsa tlhahiso ea hore bonyane ho fete nako ea metsotso e 40 pakeng tsa mananeo e le hore bohle ba ka rua molemo ka ho feletseng ketsahalong eo, e leng ho tla fana ka nako ea ho lumelisa baeti le ho khothatsa ba sa tsoa thahasella. Hape ho lokela hore ho nahaneloe maemo a sephethephethe le a ho paka likoloi, ho akarelletsa le ho theola baeti likoloing le ho ba palamisa. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemohali sebakeng sa habo bona.

◼ Puo e khethehileng nakong ea Sehopotso sa 2000 e tla fanoa ka Sontaha, sa la 16 April. Sehlooho sa puo e tla ba se reng “Lebaka Leo ka Lona Moloko oa Batho o Hlokang Thekollo.” Ho tla fanoa ka kemiso ea puo eo. Liphuthehong tse nang le ketelo ea molebeli oa potoloho, kopano ea potoloho kapa kopano ea letsatsi le khethehileng mafelo-bekeng ao, puo e khethehileng e tla fanoa bekeng e latelang. Ha ho phutheho e lokelang ho ba le puo e khethehileng pele ho la 16 April, 2000.

◼ Kaha Sehlopha se Busang se sa tsoa kōpa lekala la rōna hore le thuse ka meralo ea boenjiniere ea mehaho ea makala Afrika, Ofisi ea rōna ea Boenjiniere e hloka ka potlako bara kapa barali babo rōna ba nang le phihlelo le tsebo ea ho etsa meralo kapa bao e leng litsebi tsa kaho, lienjiniere kapa litsebi tsa motlakase, lienjiniere tsa mohaho kapa ba etsang lipolane, bo-mapotiele le bahokahanyi ba kaho.

◼ La 1 April, 2000, e tla ba Letsatsi la rōna la Limakasine le khethehileng. Nakong e fetileng, ba bangata ba ile ba thabela ho kopanela mosebetsing oa Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Ke hobane’ng ha u sa qale hona joale ho etsa litokisetso e le hore u ka kopanela ka botlalo selemong see? Liphutheho li lokela ho etsa liodara tse khethehileng tsa limakasine kapele kamoo ho ka khonehang.

◼ Kaha tokisetso e bebofalitsoeng ea kabo ea lingoliloeng e se e qalile ho sebetsa, Mokhatlo ha o sa tla hlola o boloka setoko sa Libibele tsa lipuo tsa Seafrika haese likhatiso tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Hang ha re se re sebelisitse setoko seo re nang le sona hona joale, re tla kōpa hore u iphumanele tsona ho barekisi ba sebakeng sa heno haeba u hloka e ’ngoe. Re boetse re lakatsa ho hopotsa e mong le e mong hore joale lingoliloeng tsohle li tlameha ho fumanoa ka phutheho, kaha bookroom e Bethele e se e koetsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela