Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka October: Likopi tsa makasine ea Molula-Qhooa le Tsoha! Ho tloha ka la 16 October ho tla ajoa Kingdom News No. 36, “Lilemo Tsa Sekete se Secha—Li U Tšoaretse Bokamoso Bofe?” November: Kabo ea Kingdom News No. 36 e tla tsoela pele. Liphutheho tse akarelitseng masimo a tsona ka ho finyella ntlo e ’ngoe le e ’ngoe ka kopi ea Kingdom News No. 36 li ka ’na tsa fana ka bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo. Haeba batho ba se ba ntse ba e-na le tsona, ho ka sebelisoa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
◼ Kenyelletso tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ke “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ea 2001” ’me e lokela ho bolokoa bakeng sa litšupiso ho pholletsa le selemo sa 2001.
◼ Haeba linako tsa liboka tsa phutheho ea lōna li tla fetoha ka la 1 January, mongoli oa phutheho o lokela ho tsebisa Mokhatlo ka liphetoho tseo ka ho romela foromo ea Boitsebiso ba Liboka tsa Phutheho (S-5). Haeba ho hlokahala, ho ka odaroa phepelo e ncha ea limemo ka ho romela foromo ea Kōpo ea Limemo (S(d)-16). Limemo li lokela ho kōptjoa bonyane libeke tse robeli pele ho nako eo le lakatsang ho li fumana ka eona.
◼ Ho qala ka beke ea la 5 February, 2001, ho tla ithutoa buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo Thutong ea Buka ea Phutheho. Liphutheho tse hlokang libuka tsena li lokela ho li kōpa kōpong ea tsona ea libuka bakeng sa khoeli e latelang.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa temana ea selemo ea selemo sa 2001 ha li kōpa libuka ka October. Temana ena ea selemo ke R22,00 e le ’ngoe ’me tefiso e tla hlaha seteitementeng sa lōna sa khoeli le khoeli. Ha le lefa, sebelisang foromo ea ho Romella Menehelo (S(d)-20) ’me le ngole “Temana ea Selemo” moleng o sa ngoloang letho. Temana ea selemo e tla fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sesotho, Sexhosa le Sezulu. Liphutheho li ka kōpa temana ea selemo e le ’ngoe feela puo ka ’ngoe. Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho li manehe temana ea selemo e ncha ka la 1 January, 2001.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2001 le kōpo ea tsona ea libuka ea October. Libukana tseo li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepolishe, Seshona, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela libukana tsena li fumaneha ’me li romeloa, li tla ’ne li hlahe e le “Pending” lethathamong la lintho tse romelloang phuthehong. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo ke lintho tse kōptjoang ka ho khetheha, ho bolelang hore li lokela ho kōptjoa ke phutheho feela ha ho e-na le batho ba li kōpang ka ho khetheha; mohlanka oa libuka a ke ke a kōpa phepelo e ngata feela molemong oa phutheho. Kahoo ho lokela hore ho bolokoe tlaleho e entsoeng ka hloko ea likōpo tsohle tsa libukana tsena. (Bona Tataiso ea Watch Tower ea Kōpo ea Libuka, Karolo ea 3.)
◼ Molebeli ea okamelang o lokela ho romela tlaleho ea Kabelo ea Tšimo e sa Abuoang (S-91) le liphihlelo leha e le life tse thahasellisang ho Mokhatlo pele ho la 16 November, 2000. Tiisang hore ho sebelisoa litempe tse loketseng bakeng sa enfelopo e khōlō.
◼ Ka Moqebelo oa la 14 October, 2000, Lehae la Bethele le fektheri li tla be li koetsoe ho hloekisoa. Ho ke ke ha e-ba le litokisetso tsa ho bona sebaka letsatsing leo.