Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/01 leq. 8
  • Lerato le re Susumelletsa ho Bolela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lerato le re Susumelletsa ho Bolela
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Lerato Leo Kreste a Nang le Lona Lea re Qobella”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • “U Rate Jehova Molimo oa Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Tšebeletso ea Rōna—Pontšo ea Lerato la ’Nete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Ho Bolela—Tokelo e Tlotlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 3/01 leq. 8

Lerato le re Susumelletsa ho Bolela

1 Joaloka Lipaki tsa Jehova, re tsebahala haholo ka hore re baboleli ba chesehang ba molaetsa oa ’Muso. (Mat. 24:14) Ba fetang limilione tse tšeletseng ba mafolofolo lefatšeng ka bophara; ho phaelloa ka ba bacha ha ba ikopanya le rōna ho boleleng. Ho bokelloa manane motheong oa ba kopanelang mosebetsing ona.

2 Ke eng e re susumelletsang ho ithaopela kabelo e joalo e phephetsang? Ha re qobelloe, ho hokoa ke phaello ea lintho tse bonahalang, kapa ho fuoa litlotla tse khethehileng. Qalong, ba bangata ba rōna ba ile ba tšosoa ke hobane re ne re ikutloa re sa tšoanelehe, ’me hangata batho ba ne ba sa arabele hantle. (Mat. 24:9) Boholo ba ba shebeletseng ha ba utloisise hore na re susumetsoa ke eng. E tlameha ebe re na le lebaka le re susumetsang hore re mamelle.

3 Matla a Lerato: Jesu o ile a khetholla o mong oa melao e meholohali ho eohle ha a ne a bolela hore re ‘rate Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle, meea eohle ea rōna, ka kelello eohle le ka matla ’ohle a rōna.’ (Mar. 12:30) Lerato la rōna ho Jehova le thehiloe maikutlong a tebileng a kananelo ka hore na ke mang le seo a leng sona—Morena ’Musi, ’Mōpi oa lintho tsohle, ‘ea tšoaneloang ke ho amohela khanya le tlhompho le matla.’ (Tšen. 4:11) Litšoaneleho tsa hae tse babatsehang li ke ke tsa bapisoa.—Ex. 34:6, 7.

4 Ho tseba Jehova le ho mo rata ho re susumelletsa ho etsa hore leseli la rōna le khanye ka pel’a batho. (Mat. 5:16) Leseli la rōna le khanya ha re mo rorisa phatlalatsa, re bua ka mesebetsi ea hae e babatsehang, le ho hasa molaetsa o buang ka ’Muso oa hae. Feela joaloka lengeloi le sebakeng, re na le “litaba tse molemo tse sa feleng hore [re] li bolele e le litaba tse nyakallisang . . . ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang.” (Tšen. 14:6) Lerato la rōna ke matla a susumetsang mosebetsing oa boboleli oa lefatšeng ka bophara.

5 Lefatše le talima boboleli ba rōna e le “booatla” bo lokelang ho hlokomolohuoa. (1 Bakor. 1:18) Ho ’nile ha etsoa boiteko hohle ho hatella mosebetsi oa rōna. Lerato la rōna le tšepahalang le re matlafalelitse hore re bolele, joalokaha baapostola ba entse: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng . . . Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” (Lik. 4:20; 5:29) Mosebetsi oa ho bolela o ntse o tsoela pele ho atoloha likarolong tsohle tsa lefatše ho sa tsotellehe khanyetso.

6 Lerato la rōna ho Jehova le tšoana le mollo o tukang o re susumelletsang ho bolela makhabane a hae linaheng lisele. (Jer. 20:9; 1 Pet. 2:9) Re tla tsoela pele ho ‘tsebahatsa mesebetsi ea hae lichabeng, etsoe o entse ka mokhoa o fetisisang’!—Esa. 12:4, 5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela