Tlaleho ea Tsoelo-pele ea Liholo Tsa ’Muso
1 Le tla thabela ho tseba hore ho tla fihlela joale selemong sena sa tšebeletso, ho se ho qetiloe Liholo tsa ’Muso tse 27. Ka lebaka lena re babatsa Likomiti tsohle tsa Kaho ea Libaka le ba tšehetsang lenaneo lena ka mosebetsi o motle o etsoang. Kaha ho setse likhoeli tse tharo feela selemong sena sa tšebeletso, e se eka re ka khothalletsa bohle ba sebetsang liholong tsena hore ba qete tse ngata ka hohle kamoo ba ka khonang.
2 Ho phaella moo re thabela ho tlaleha hore liphutheho tse ngata li khonne ho fumana mangolo a ho ba beng ba litša tsa Liholo tsa ’Muso ’me li rometse likopi tsa litokomane tseo ofising ea lekala. Re khothalletsa liphutheho tse ling tsohle tseo ho tla fihlela joale li e-song ho fumane setša kapa litokomane tse hlokahalang hore li ele taba ena hloko ka tieo. (Ka kōpo latelang kemiso e kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea March 1994.) Tlhokahalo e totobetseng liphuthehong tse ngata ke ea ho boloka holo e le boemong bo botle. Liholo tsohle tsa ’Muso li lokela ho tsoela pele li emela lebitso la Jehova hantle. Haeba le e-na le holo, na le tsoela pele ho e hlokomela selemo le selemo? Na baholo bohle ba tloaelane le Memorandum on Information Regarding Ownership of Kingdom Halls (T-36) e ncha ea la 1 January, 2001? Na Annual Congregation Property Documents & Safety Inspection Worksheet (T-34) e se e tlatsitsoe?
3 Re babatsa ka mofuthu liphutheho tsohle tse fumaneng kalimo ea chelete ofising ea lekala ’me li tsoela pele ho lefa kalimo eo ea tsona. Tse ka ’nang tsa e-ba le bothata ba ho etsa joalo kamehla, khoeli le khoeli, li khothalletsoa ho lefa sekoloto leha e le sefe se saletseng kapele kamoo ho ka khonehang. Letlōle lena ke le potolohang ’me re batla ho tsoela pele ho thusa liphutheho tse 250 tse nang le bahoeletsi ba 30 kapa ho feta, tse e-song ho be le Holo ea ’Muso, hore le tsona li thabele melemo ea ho ba le holo. Ka lebaka leo re leboha liphutheho tsohle tse qetileng ho lefa kalimo ea tsona.
4 Liphutheho tse ’maloa tse nang le lichelete hore li khone ho lefa li boetse li alimile chelete e nyenyane hore li thuse liphutheho tsa boahisani ho haha liholo tsa tsona. Sena le sona se ananeloa haholo.
5 Kaha tlhohonolofatso ea Jehova e enneng ea bonahala lenaneong lena, re tšepa hore re tla tlosa ho salla ha ho hahuoa ha Liholo tsa ’Muso tšimong ea rōna ka lilemo tse seng kae. Re le leboha haholo ka tšehetso ea lōna e ntle.