Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/01 leq. 8
  • Boloka Boikhathollo Sebakeng sa Bona se Loketseng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boloka Boikhathollo Sebakeng sa Bona se Loketseng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Boithabiso ba Hao bo U Tsoela Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Sebelisa Nako ea Hao ka Bohlale
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Na U Hahlameloa ke Moea o Chefo oa Lefatše?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • U se ke Ua Lumella Letho ho U Suthisetsa Hōle le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 8/01 leq. 8

Boloka Boikhathollo Sebakeng sa Bona se Loketseng

1 Matsatsing ana a thata, kaofela ha rōna re hloka ho fetola maoa nako le nako. Ho ikhatholla ka nako e itseng ho loketse. Leha ho le joalo, nako e ngata haholo e qetoang boikhathollong, boithabisong le ho thabeleng botsoalle e ka koielletsa motho ho qeta nako e fokolang linthong tsa moea. Re tlameha ho boloka boikhathollo sebakeng sa bona. (Mat. 5:3) See se ka etsahala joang? Ka ho latela keletso e fumanoang ho Baefese 5:15-17.

2 Beha Meeli: Pauluse o ile a ngola hore Bakreste ba ne ba lokela hore ba ‘lule ba lebetse ka tieo’ mabapi le hore na ba phela bophelo ba bona ka bohlale hakae. Ho itekanela le boitšoaro lia hlokahala ho lekanyetsa boikhathollo ho se hlileng se hlokahalang. Ho hotle ho nahana ka ho teba ka tsela eo re sebelisang nako ea rōna eo re lokolohileng ka eona. Boikhathollo bo lokela ho re tsoela molemo ho e-na le ho re etsa hore re ikutloe re sentse nako kapa re sale re khathetse. Haeba ka mor’a boikhathollo bo itseng re sala re ikutloa re le feela, re sa khotsofala hape re ikutloa eka re molato, sena se ne se tla bontša hore ho hlokahala re etse liphetoho tseleng eo re sebelisang nako ea rōna ka eona.

3 E-ba le Kahlolo e Molemo: Pauluse o ile a fana ka keletso ka ho ‘ithekela nako e loketseng’ bakeng sa lintho tsa bohlokoa haholoanyane tsa bophelo, eseng ho ba “ba se nang kahlolo e molemo.” Bakreste ba inehetseng ba ke ke ba lumella hore bophelo ba bona bo likolohe boikhathollong. Le hoja phomolo le boikhathollo li ka re hlasimolla ’meleng, mohloli oa matla a moea ke matla a sebetsang a Molimo. (Esa. 40:29-31) Re amohela moea oa hae mabapi le mesebetsi ea puso ea Molimo—ho ithuta Bibele, ho ba teng libokeng tsa phutheho, ho tšoareha tšebeletsong ea tšimo—eseng ka boikhathollo.

4 Ipehele Lintho Tse Tlang Pele: Pauluse o ile a laela Bakreste hore ba “tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona.” Jesu o rutile hore mesebetsi ea rōna e lokela ho likoloha ’Musong oa Molimo e le eona ntho e tlang pele bophelong. (Mat. 6:33) Ke habohlokoa hore pele re etse lintho tse tla re lumella ho phelela boinehelo ba rōna ho Jehova. Ka mor’a moo, nako ea boikhathollo e ka bolokoa sebakeng sa eona se loketseng. Ha seo se entsoe, se tla ba le liphello tse molemo, ’me re tla se thabela haholoanyane.—Moek. 5:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela