Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Lingoliloeng tse ling tse ka tsamaisoang ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste. January: Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
◼ Tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ho kenyelelitsoe “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 2002” ’me e lokela ho bolokoa e le hore e ka sebelisoa ho pholletsa le selemo sohle sa 2002.
◼ Bethele e hloka ka potlako setsebi sa motlakase oa likoloi se nang le mangolo. Na u pakeng tsa lilemo tse 19 ho isa ho 35, u lesoha kapa u nyetse ’me ha ho na batho ba tlas’a tlhokomelo ea hao? Na u ka ithaopela ho ba le tokelo ee e ikhethang ea tšebeletso ea Bethele? Ka kōpo founa kapa u ngolle ofisi ea lekala haeba u ka khona ho ithaopa.
◼ Haeba nako ea liboka e tla fetoha ka la 1 January, mongoli oa phutheho o lokela ho tsebisa ofisi ea lekala ka liphetoho tseo ka ho romela foromo ea Congregation Meeting Information (S-5). Haeba ho hlokahala, ho ka odaroa limemo tse ncha ka ho romela foromo ea Kōpo ea Limemo (S(d)-16). Limemo li lokela ho odaroa bonyane libeke tse robeli pele ho nako eo li tla hlokoa ka eona.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa temana ea selemo ea 2002 ha li odara lingoliloeng ka October. Ka kōpo hlokomelang: Hona joale chelete ea temana ea selemo e lokela ho romeloa le kōpo, ka hona e ka romeloa feela hang ha phutheho ea heno e e lefeletse. Theko ea eona ke R22,00. Ha le romela chelete ea eona, re kōpa hore le sebelise Contribution Remittance Form (S(d)-20) ’me le bontše chelete ea “Temana ea Selemo” ka thōko. Temana ea selemo e tla fumaneha ka Seafrikanse, Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Setaliana, Sexhosa le Sezulu. Liphutheho li ka odara litemana tsa selemo tse peli feela tsa puo ka ’ngoe. Ho etsoa tlhahiso ea hore liphutheho li fanyehe temana ea selemo e ncha ka la 1 January, 2002.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2002 ha li odara lingoliloeng ka October. Libukana tsena li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Sekwanyama, Senyesemane, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu. Ho fihlela libukana tsena li e-ba teng ’me li romeloa, li tla hlaha karolong ea “Pending” lethathamong la lingoliloeng tsa phutheho tse pakoang. Libukana tsa Ho Hlahlobisisa Mangolo ke lingoliloeng tse etsetsoang kōpo e khethehileng, e leng se bolelang hore phutheho e lokela ho li odara hafeela ho e-na le batho ba itseng ba li batlang; mohlanka oa libuka a ke ke a odara tse ngata bakeng sa ho li abela phutheho. Ka hona, ho lokela ho bolokoe ka hloko tlaleho ea liodara tsohle tsa sengoliloeng sena. (Bona Tataiso ea Watch Tower ea Kōpo ea Libuka Karolo ea 3.)
◼ Ke habohlokoa hore batho ba rerang ho etela lekaleng, haeba e le sehlopha sa batho ba 20 kapa ho feta, ba ngolle kapa ba founele Bethel Office pele. Ho hlokahala hore le bolele palo ea batho ba tlang, letsatsi le nako eo le tla fihla ka eona. Re kōpa hore le fane ka boitsebiso bona nako e sa le teng. Pele le eta, re kōpa hore le hlahlobe boitsebiso bo hlahang Lebokoseng la Lipotso le tokollong ea March 1998 ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso mabapi le moaparo o loketseng le boitlhopho ha ho eteloa mahae a Bethele.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng—Mongolo o Moholo—Senyesemane
◼ Livideo-k’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:
Faithful Under Trials—Jehovah’s Witnesses in the Soviet Union—Senyesemane
The Greatest Man Who Ever Lived—On Videocassette, Moqolo 2—Puo ea Matsoho ea Amerika