Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Bofelong ba khoeli ea July, ho ile ha neheloa Liholo tsa ’Muso tse ncha tse 40, e leng tse fetang tse kileng tsa neheloa selemong sa tšebeletso leha e le sefe. Tsena ke litaba tse thabisang. Mohlomong re ka ntlafatsa tlhōrō ena selemong sena sa tšebeletso. Liphutheho tse latelang li ile tsa thabela lenaneo la tsona la nehelo ka July: Kanyamazane North le Ka-Bokweni e Mpumalanga, Grasvlei e pel’a Potgietersrus le Gaborone North e Botswana.