Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/01 leq. 7
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 11/01 leq. 7

Litaba Tsa Puso ea Molimo

◼ Ho na le litaba tse thabisang tseo re ka le bolellang tsona mabapi le lenaneo la kaho ea Liholo tsa ’Muso. Bofelong ba khoeli ea August, ho ne ho nehetsoe Liholo tsa ’Muso tse 60 selemong sa tšebeletso sa 2001. Ka sebele sena sea babatseha ’me bohle ba ileng ba nka karolo ho phetheng liholo tsena ba lokela ho lebohuoa ka mosebetsi oa bona o boima. Khoeling ea August ho nehetsoe liholo tse ncha tse 19, e leng: Mahlubini le Tsolo (Kapa Bochabela); Ga-Rankuwa Zone 2 le Soshanguve North (Gauteng); Loskop, Makhutha East le Mhlatuze (KwaZulu-Natal); Kolojane, Lekokoaneng, Mapoteng le Teyateyaneng (Lesotho); Mariental le Otjiwarongo (Namibia); Zebediela (Profinseng ea Leboea); Ikageng (North-West); Ezulwini, Mafutseni le Ntabamhlophe (Swaziland); le Riversdale (Kapa Bophirimela).

Lilemong tse tharo tse fetileng ho thehiloe liphutheho tse ncha tse 61. Ka lebaka la keketseho ena e ntle, liphutheho tse ka bang 300 tse nang le bahoeletsi ba fetang 30 e le ’ngoe li ntse li hloka Liholo tsa ’Muso. Na ho ka ba le baithaopi ba eketsehileng ba ka thusang Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka tse sebetsang ka thata? Fumana foromo ea Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire (S-82) ho mongoli oa phutheho ea heno haeba u rata ho sebetsa le sehlopha se seng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela