Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. April le May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Bahoeletsi ba lokela ho bolella beng ba ntlo hore haeba ba rata, ba ka fana ka monehelo bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Ha mong’a ntlo a bontša thahasello, fana ka bukana ea Seo a se Hlokang, o etse boiteko bo khethehileng ba ho qalisa thuto ea Bibele. June: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Haeba beng ba matlo ba e-na le lingoliloeng tsena, fana ka bukana e loketseng e teng setokong sa phutheho.
◼ Bahoeletsi ba ratang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April ba lokela ho lokisetsa esale hona joale ’me ba etse likōpo tsa bona nako esale teng. Sena se tla thusa baholo hore ba etse litokisetso tse loketseng tsa tšebeletso ea tšimo le ho lokisetsa hore ho be le limakasine tse lekaneng le lingoliloeng tse ling. Mabitso a bohle ba ngolisitseng e le bo-pula-maliboho ba thusang a lokela ho phatlalatsoa phuthehong khoeli ka ’ngoe.
◼ Sehopotso se tla tšoaroa ka Labone la la 28 March, 2002. Haeba phutheho ea lōna e tloaetse ho ba le liboka ka Labone, li lokela ho tšoaroa ka letsatsi le leng har’a beke haeba Holo ea ’Muso e fumaneha. Haeba le sa khone ho ba le Seboka sa lōna sa Tšebeletso, likarolo tseo ka ho khetheha li amang phutheho ea lōna li ka kenyelletsoa Sebokeng se seng sa Tšebeletso.
◼ Ofisi ea lekala ha e sebetsane le liodara tsa lingoliloeng tse etsoang ke bahoeletsi ka bomong. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli ka ’ngoe pele odara ea khoeli le khoeli ea lingoliloeng tsa phutheho e romeloa lekaleng e le hore bohle ba thahasellang ho fumana lingoliloeng tsa bona ba ka bolella mor’abo rōna ea sebetsanang le lingoliloeng. Re kōpa le hopole hore na ke lingoliloeng life tse etsetsoang kōpo e khethehileng.
◼ Ke habohlokoa hore batho ba rerang ho etela lekaleng, haeba e le sehlopha sa batho ba 20 kapa ho feta, ba ngolle Bethel Office pele atereseng ena, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740. Re kōpa hore le fane ka boitsebiso bo mabapi le palo ea ba tlang le letsatsi le nako ea ho eta. Pele le eta, re kōpa hore le hlahlobe boitsebiso bo hlahang Lebokoseng la Lipotso le tokollong ea March 1998 ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso mabapi le moaparo o loketseng le boitlhopho ha ho eteloa mahae a Bethele.
◼ Baholo ba tšoanelehang ba kōptjoa ho ithaopela ho fana ka lipuo likopanong tse thathamisitsoeng ka tlaase mona. Baholo ba kileng ba fana ka lipuo likopanong tsa setereke, kapa ba kileng ba fana ka tsona kopanong ea potoloho kapa ea letsatsi le khethehileng ba ka kenya likōpo tsa bona. U ka ngolla ofisi ea lekala ua e bolella lebitso la hao, lebitso la phutheho le kopano eo u rerang ho ea ho eona. Haeba u khetha ho sebelisa puo e itseng, ka kōpo hlalosa sena ka ho hlaka. U lokela ho fa komiti ea tšebeletso lengolo lena, eona e tla ngola lipuello tsa eona, e le saene e be e le romele ho molebeli oa lōna oa potoloho. Molebeli oa potoloho eena, ka mor’a ho etsa lipuello tsa hae, o tla romela lengolo leo ofising ea lekala. Sena se tla sebetsa feela haeba u rera ho ea kopanong e ’ngoe ntle le eo phutheho ea heno e abetsoeng ho ea ho eona. U lokela ho lokisetsa ho ba teng mananeong ’ohle a kopano eo. Lengolo la hao ha lea lokela ho fihla ho Mokhatlo KA MOR’A LA 1 JULY, 2002.
● Bloemfontein: Seafrikanse, Senyesemane
● Durban: Seafrikanse
● East London: Senyesemane
● Francistown, Botswana: Setswana
● Gaborone, Botswana: Senyesemane
● George: Seafrikanse, Senyesemane
● Katima Mulilo & Rundu, Namibia: Senyesemane, sea tolokoa
● Nelspruit: Seafrikanse, Senyesemane
● Pietersburg: Seafrikanse, Senyesemane
● Thohoyandou: Sevenda
● Tzaneen: Setsonga
● Walvis Bay & Windhoek, Namibia: Seafrikanse le Senyesemane
◼ Ho boetse ho bile le likhoeli tse tharo tsa katleho le thabo tsa phutuho ea tšimo e sa ajoang. Bahoeletsi ba 8 332 ba sebelitse lihora tse 72 248 ba aba limakasine tse 49 365, libuka tse 6 197 le libukana tse 36 154. Ba ile ba etsa maeto a ho boela a 7 522 ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse 1 470. Ena ke tlaleho e khothatsang ’me re lebeletse ka cheseho phutuho ea 2002.
◼ Ho le thusa hore le itokisetse ho ba teng kopanong ea setereke ea 2002, re thabela ho le fa matsatsi ana a sa tiisoang.
LA 15-17 NOVEMBER:
St. Helena (Senyesemane)
LA 22-24 NOVEMBER:
Pietersburg (Seafrikanse/Senyesemane)
LA 29 NOVEMBER–LA 1 DECEMBER:
Cape Town (Sexhosa)
Nelspruit (Seafrikanse/Senyesemane)
Pietersburg (Sepedi)
Springs (Sezulu 1)
Vereeniging (Sesotho/Sezulu)
LA 30 NOVEMBER–LA 1 DECEMBER:
Rundu (Sekwangali)
LA 6-8 DECEMBER:
Bloemfontein (Seafrikanse, Senyesemane)
East London (Senyesemane)
Empangeni (Sezulu)
George (Seafrikanse/Senyesemane)
Johannesburg (Senyesemane 1)
Johannesburg (Sepotoketsi)
Maseru (Sesotho)
Soshanguve (Sesotho 1)
Springs (Sezulu 2)
Thohoyandou (Sevenda)
Umtata (Sexhosa 1)
Windhoek (Senyesemane/Seafrikanse, Puo ea Matsoho)
Windhoek (Sepotoketsi)
LA 13-15 DECEMBER:
Bisho (Sexhosa)
Bloemfontein (Sesotho)
Cape Town (Seafrikanse, Senyesemane, Puo ea Matsoho)
Durban (Seafrikanse, Senyesemane, Puo ea Matsoho)
Francistown (Setswana)
Johannesburg (Senyesemane 2)
Johannesburg (Sesotho 1)
Mamelodi (Sezulu)
Manzini (Sezulu)
Port Elizabeth (Seafrikanse/Senyesemane)
Pretoria (Senyesemane)
Soshanguve (Sesotho 2)
Springs (Sesotho)
Umtata (Sexhosa 2)
Walvis Bay (Seafrikanse/Senyesemane)
LA 20-22 DECEMBER:
Ermelo (Sezulu)
Gaborone (Senyesemane, Setswana)
Johannesburg (Seafrikanse)
Johannesburg (Sesotho 2)
Johannesburg (Sezulu)
Klerksdorp (Setswana)
Kokstad (Sexhosa)
Mbabane (Sezulu)
Port Elizabeth (Sexhosa)
Qwa-Qwa (Sesotho)
Siyabuswa (Sepedi)
Tzaneen (Setsonga)
LA 21-22 DECEMBER:
Ongwediva (Sekwanyama)
LA 27-29 DECEMBER:
Durban (Sezulu)
KaNyamazane (Sezulu)
Newcastle (Sezulu)
Pietermaritzburg (Sezulu)
LA 28-29 DECEMBER:
Katima Mulilo (Senyesemane/Selozi)
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
A Satisfying Life—How to Attain It—Sechaena, Sechichewa, Sefora, Sejapane, Sejeremane, Semalagasy, Senyesemane, Sepolishe, Sepotoketsi, Serussia, Seswahili, Setaliana, Setumbuka
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo—Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Sechitonga (Zambia), Secibemba, Sedache, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Sekaonde, Selozi, Seluvale, Senyesemane, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Seswahili, Setaliana, Setsonga, Setswana, Setumbuka, Sevenda, Sexhosa le Sezulu (Ho fihlela buka ena e e-ba teng ’me e romeloa, e tla hlaha karolong ea “Pending” ho Lethathamo la Lintho Tse Rometsoeng phutheho, ka hona ho ke ke ha hlokahala hore le ngolle ofisi ea lekala kapa le e founele mabapi le odara ena.)
Na U na le Moea o sa Shoeng? (Pampitšana No. 25)—Seafrikanse, Sechichewa, Sechitonga (Zambia), Secibemba, Sefora, Segerike, Sejapane, Sekaonde, Sekwangali, Selozi, Seluvale, Semalagasy, Sendonga, Senyesemane, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Seswahili, Setsonga, Setswana, Setumbuka, Sevenda, Sexhosa le Sezulu
Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho II—Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Secibemba, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Selozi, Senyesemane, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Serussia, Seshona, Sesotho, Seswahili, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa le Sezulu
Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong Oohle oa Batho II—Mongolo o Moholo—Senyesemane, Sepotoketsi, Seswahili
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang—Seafrikanse
◼ Lik’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:
Families—Make Daily Bible Reading Your Way of Life—Sepotoketsi
Marked For Survival—Sepotoketsi
Respect Jehovah’s Authority—Senyesemane
◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:
Respect Jehovah’s Authority—Senyesemane
◼ Livideo-k’hasete Tse Ncha Tse Fumanehang:
The Greatest Man Who Ever Lived—On Videocassette, Moqolo 5—Puo ea Matsoho ea Amerika
The Greatest Man Who Ever Lived—On Videocassette, Moqolo 6—Puo ea Matsoho ea Amerika