Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Re thabela ho le tsebisa hore Liholo tsa ’Muso tse ling tse 12 li phethiloe. Ke tsa liphutheho tsena: Emjindini, Shongwe le Jeppes Reef (sebakeng sa Barberton); Kamhlushwa le Kwa-Sibhejane (ka bobeli li pel’a Malelane); Khandisa (Empangeni); Macassar (Somerset West); Mafeteng, Mokhotlong, Tlebere le Roma (Lesotho); le Monsterlus (Groblersdal). Re rata ho leboha mosebetsi o motle o entsoeng ke Likomiti tsa Kaho tsa Libaka le bara le barali babo rōna ba li tšehetsang hantle hakana. Re re pele ea pele.