Iketsetse Lipakane Tsa Moea
1 E tla ba tokelo e kaakang ha re rorisa Jehova ka ho sa feleng! Ho re thusa ho finyella pakane eo, re ka iketsetsa lipakane tsa moea tse tobileng haholoanyane ’me re leke ka matla ho li finyella. Sena se re nolofalletsa ho sebelisa matla a rōna ka bohlale. (1 Bakor. 9:26) Ke lipakane life tseo u ka li finyellang?
2 Thuto ea Bibele: Na u lokisetsa liboka tsohle tsa phutheho? Haeba ho joalo, na u ipha nako ea ho etsa lipatlisiso le ho nahanisisa ha u ithuta? Ka mohlala, ha u lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke le Thuto ea Buka ea Phutheho, na u thalla likarabo feela kapa u bala mangolo a lirapeng u bile u nahanisisa ka mabaka a seo u se balang? Na u ka iketsetsa pakane ea ho etsa lipatlisiso lintlheng tse seng kae ’malong oa Bibele oa beke le beke oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Ho etsa lipatlisiso tse joalo ka litaba tsa moea ho hloka nako le boiteko, empa ho na le meputso e mengata.—Liprov. 2:4, 5.
3 Liboka Tsa Phutheho: Pakane e ’ngoe ke ho ba teng kamehla libokeng tse hlano tsa phutheho. Ho fihla ha hao nako e sa le teng bakeng sa ho thabela botsoalle le balumeli-’moho le uena le ho kopanela pineng le thapelong tse bulang, ho matlafatsa moea oa phutheho. Re ka boela ra leka ka matla ho fana ka litlhaloso sebokeng se seng le se seng ’me re leke ho ntlafatsa litlhaloso tsa rōna. Mohlomong u ka bontša kamoo lengolo le serapeng le amanang kateng le taba eo ho buuoang ka eona kapa ua bontša kamoo taba ena e sebetsang kateng bophelong ba letsatsi le letsatsi.—Baheb. 10:24, 25.
4 Tšebeletso ea Tšimo: Tšebeletso ea rōna e ntlafala haholo ha re iketsetsa lipakane. Na u iketselitse pakane ea lihora tseo u rerang ho li qeta u le tšebeletsong khoeli ka ’ngoe? Sena se thusitse ba bang. Kapa na u ka ntlafatsa karolong e itseng ea tšebeletso ea hao, joaloka ho sebelisa Bibele tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ho etsa maeto a ho boela a atlehileng, ho leka ka matla ho qalisa thuto ea Bibele, kapa ho atleha haholoanyane lithutong?
5 Batsoali, na le khothalletsa bana ba lōna ho iketsetsa lipakane tšebeletsong ea Jehova? Ba thuseng ho bona hore ho ba bo-pula-maliboho, baromuoa, kapa litho tsa lelapa la Bethele ke tsela e molemohali ea ho bontša hore ba leboha Jehova ho tloha pelong.—Moek. 12:1.
6 Ha re ntse re hlahloba tšebeletso ea rōna, re iketsetsa lipakane, ’me re sebeletsa ho li finyella, re tla ba le thabo e eketsehileng tšebeletsong ea rōna ’me re be mohloli oa khothatso ho ba bang.—Bar. 1:12.