Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Re thabela ho tiisa hore selemong sa tšebeletso sa 2002 ho ile ha neheloa Liholo Tsa ’Muso tse 60, e leng tlhōrō ea bobeli ka ho latellana. Re leboha Likomiti Tsa Kaho ea Libaka le baithaopi bohle ka boiteko ba bona bo mafolofolo. Liholo tsa ho qetela tse robong tse ileng tsa neheloa ka July le August ke: Thaba-Nchu, Botshabelo Bophirima le Botlhokong (Free State); Kagiso South (Krugersdorp); Keiskammahoek (King William’s Town); Finsbury (Randfontein); Draycott (Estcourt); Middelburg (Cape); le Thabazimbi.
Hape re thabela ho le tsebisa hore ho se ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse hlano selemong sena sa tšebeletso. Liphutheho tseo ke: Lerala (Botswana), Makaung (Lesotho), Taylors (Pietermaritzburg), Emthebeni (Verulam) le Umfolozi (North Coast). Re qalile selemo sa tšebeletso sa 2003 hantle hakaakang!