Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/02 leq. 1
  • Hopola ba Tšepahalang ba Seng ba Hōlile

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hopola ba Tšepahalang ba Seng ba Hōlile
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Hlokomela Bahlanka ba Hae ba Hōlileng ka Mosa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Nka Bara le barali ba bo Rona ba Holileng e le ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Sebeletsa Jehova Pele Matsatsi a Tlokotsi a Tla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Na U ka ea le Bona Tšimong?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 12/02 leq. 1

Hopola ba Tšepahalang ba Seng ba Hōlile

1 Le hoja e ne e le mohlolohali a bile a tsofetse, Anna ea lilemo li 84 o ne ‘a sa hlokoe le ka mohla tempeleng.’ Botšepehi ba hae bo ile ba etsa hore Jehova a mo fe tlhohonolofatso e khethehileng. (Luka 2:36-38) Kajeno, bara le barali babo rōna ba bangata ba bontša boikutlo bo kang ba Anna ho sa tsotellehe maemo a thata ao ba talimaneng le ’ona. Ka linako tse ling bao ba tšepahalang ba ka ’na ba nyahama ha ba tobane le ho kula kapa mefokolo e itseng e bakoang ke botsofali. A re hlahlobeng litsela tse ling tse sebetsang tseo ka tsona re ka ba khothatsang le ho ba thusa hore ba lule ba e-na le kemiso e ntle ea moea.

2 Liboka le Tšebeletso: Ba bangata ba tšepahalang ba seng ba hōlile, ba ka kopanela habonolo libokeng tsa Bokreste kamehla ha ka lerato ba bang ba ithaopela ho ba tsamaisa. Sena se haha bomoea ba bahlanka bana ba tšepahalang, ba nako e telele, ’me se tsoela le phutheho molemo. Na u se u kile ua kenya letsoho mosebetsing oo o molemo?—Baheb. 13:16.

3 Ho kopanela kamehla tšebeletsong ho tlisetsa Bakreste ba ’nete thabo le khotsofalo. Empa ho etsa joalo e ka ba phephetso ho batho ba hōlileng le ba kulang. Na ho ka khoneha hore baa ba ratehang ba tsamaee le uena e le “basebetsi-’moho” likarolong tse ling tsa mosebetsi oa ho paka? (Bar. 16:3, 9, 21) Mohlomong u ka mo memela hore a be le uena ha u paka ka thelefono kapa ha u e-ea maetong a ho boela kapa thutong ea Bibele. Haeba motho ea hōlileng a se a hlōleha ho tloha lapeng, na u ka etsa hore seithuti sa hao sa Bibele se tle ha hae hore le tšoarele thuto teng?

4 Thuto le Botsoalle: Nako le nako, ba bang ba mema motho ea hōlileng kapa ea kulang hore a kopanele le bona thutong ea bona ea lelapa, mohlomong ba be ba tšoarele thuto eo ha hae. ’Mè e mong o ile a nka bana ba hae ba babeli a ea le bona ha morali’abo rōna e mong ea hōlileng, ho ea ba tšoarela thuto ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, ’me bohle ba ile ba khothatsoa ke botsoalle boo. Batho bana ba boetse ba ananela ho memeloa lijong kapa ketsahalong e itseng ea boithabiso. Haeba ba kulang ba fokola haholo hore ba ka eteloa nako e telele, mohlomong u ka ba letsetsa kapa ua fapohela hakhutšoanyane ho ba ba balla, ho rapela le bona kapa ho ba phetela phihlelo e hahang.—Bar. 1:11, 12.

5 Jehova o nka ba tšepahalang ba seng ba hōlile, e le ba bohlokoa haholo. (Baheb. 6:10, 11) Re ka mo etsisa ka ho bontša hore rea ba ananela le ka ho ba thusa hore ba lule ba e-na le kemiso e ntle ea moea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela