Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka March: Tsamaisa buka ea Tsebo, ka morero oa ho qalisa lithuto tsa Bibele. April le May: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Bahoeletsi ba lokela ho bolella beng ba matlo hore haeba ba rata ba ka ntša monehelo oa mosebetsi oa lefatše ka bophara. Ha u khutlela ho batho ba thahasellang, lebisa tlhokomelo ho tsamaiseng buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete. Ho lokela ho etsoe boiteko bohle ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele, haholo-holo haeba ba bang ba se ba ithutile buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang. June: Tsamaisa buka ea Tsebo kapa bukana ea Seo a se Hlokang. Haeba beng ba matlo ba se ba e-na le lingoliloeng tsena, tsamaisa bukana leha e le efe e ’ngoe eo phutheho e nang le eona setokong.
◼ Bahoeletsi ba ratang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka April ba lokela ho lokisetsa hona joale ’me ba fane ka liforomo tsa bona tsa kōpo nako e sa le teng. Sena se tla thusa baholo ho etsa litokisetso tse hlokahalang tsa tšebeletso ea tšimo le hore ho be le limakasine tse lekaneng le lingoliloeng tse ling. Mabitso a bohle bao e tla ba bo-pula-maliboho ba thusang a lokela ho phatlalatsoa phuthehong khoeli ka ’ngoe.
◼ Ofisi ea lekala ha e sebetsane le liodara tsa lingoliloeng tse etsoang ke bahoeletsi ka bomong. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli ka ’ngoe pele odara ea khoeli le khoeli ea lingoliloeng tsa phutheho e romeloa lekaleng e le hore bohle ba thahasellang ho fumana lingoliloeng tsa bona ba ka bolella mor’abo rōna ea sebetsanang le lingoliloeng. Re kōpa le hopole hore na ke lingoliloeng life tse etsetsoang kōpo e khethehileng.
◼ Re thabela ho le tsebisa hore phutuho ea tšimo e sa abuoang ea August ho ea ho October 2002 e ile ea atleha haholo. Bahoeletsi ba 8 000 ba liphutheho tse 399 ba sebelitse lihora tse 75 843 ba tsamaisa limakasine tse 45 010, libuka tse 3 951 le libukana tse 29 205. Ba etsa maeto a ho boela a 7 387, ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse 1 734. Ho bile le liphihlelo tse ngata tse thabisang ’me bohle ba lebeletse ka cheseho phutuho ea 2003. Re leboha bohle ka moea oa bona oa boitelo.
◼ Ho qala ka tokollo ea April 1, 2003, khatiso ea mongolo o moholo ea Molula-Qhooa e tla fumaneha ka Secibemba.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Atamela ho Jehova—Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Sedache, Sefora, Segerike, Seheberu, Sehungary, Sejapane, Sejeremane, Senyesemane, Sepanishe, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Serussia, Seshona, Sesotho, Seswahili, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang—Sezulu
Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?—Sechichewa, Sefora, Seherero, Sekwangali, Sekwanyama, Sendonga, Senyesemane, Sepanishe, Sepedi, Sepotoketsi, Seshona, Sesotho, Seswahili, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu
Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete—Seafrikanse, Sechaena, Sechichewa, Sedache, Sefora, Segerike, Seheberu, Sehindi, Sehungary, Sejapane, Sejeremane, Sekwangali, Sekwanyama, Sendonga, Senyesemane, Sepanishe, Sepedi, Sepolishe, Sepotoketsi, Serussia, Seshona, Sesotho, Seswahili, Setaliana, Setsonga, Setswana, Sevenda, Sexhosa, Sezulu