Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/03 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 4/03 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka April le May: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u khutlela ho batho ba thahasellang, ba ka ’nang ba akarelletsa ba bileng teng Sehopotsong le/kapa liketsahalong tse ling tsa puso ea Molimo empa ba sa kopanele kamehla le phutheho, lebisa tlhokomelo ho tsamaiseng buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete. Ho lokela ho etsoe boiteko bohle ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele, haholo-holo haeba ba bang ba se ba ithutile buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang. June: Tsamaisa buka ea Tsebo kapa bukana ea Seo a se Hlokang. Haeba beng ba matlo ba se ba e-na le lingoliloeng tsena, tsamaisa bukana leha e le efe e ’ngoe eo phutheho e nang le eona setokong. July le August: Ho ka sebelisoa bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng.

◼ Ho hlokahala hore ofisi ea lekala e be le tlaleho e nakong ea liaterese le linomoro tsa thelefono tsa balebeli bohle ba okamelang le bangoli. Haeba ho e-na le phetoho nakong leha e le efe, Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho tlatsa foromo ea Phetolo ea Aterese ea Molebeli ea Okamelang/Mongoli (S-29) ’me e e tekene le ho e romela ofising ea lekala kapele-pele. Sena se akarelletsa le liphetoho leha e le life tsa nomoro ea sebaka ea thelefono.

◼ Bangoli ba phutheho ba lokela ho ba le liforomo tse lekaneng tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho ba Kamehla (S-205) le tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang (S-205b). Liforomo tsena li ka odaroa ka Literature Request Form (S-14). Bonyane ho be le tse nkang selemo. Hlahlobang liforomo tsohle tsa kōpo ea bopula-maliboho ba kamehla ho etsa bonnete ba hore li tlatsitsoe ka ho feletseng. Haeba bakōpi ba sa hopole hantle hore na ba kolobelitsoe neng, ba ka hakanyetsa letsatsi ’me ba le boloke tlalehong.

◼ Neng le neng ha u lokisetsa ho etela naheng e ’ngoe ’me u rera ho ba teng libokeng, kopanong ea potoloho kapa ea setereke moo, u lokela ho kōpa boitsebiso ba matsatsi, linako le libaka ofising ea lekala e hlokomelang mosebetsi naheng eo. Liaterese tsa liofisi tsa makala li thathamisitsoe leqepheng la ho qetela la Buka ea Selemo ea morao-rao.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara meqolo ea 2002 ea The Watchtower le Awake! Meqolo ena e tla fumaneha ka Sejeremane, Senyesemane le Sepotoketsi. Ho fihlela meqolo ena e fumaneha le ho romeloa e tla hlaha e le “Pending” lethathamong la lingoliloeng tse romelloang phutheho. Meqolo e fumaneha ka kōpo e khethehileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela