Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/03 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 5/03 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka May: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u khutlela ho batho ba thahasellang, ba ka ’nang ba akarelletsa ba bileng teng Sehopotsong kapa liketsahalong tse ling tsa puso ea Molimo empa ba sa kopanele kamehla le phutheho, lebisa tlhokomelo ho tsamaiseng buka ea Rapela Molimo. Ho lokela ho etsoe boiteko bohle ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele, haholo-holo le ba seng ba ithutile buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang. June: Tsamaisa buka ea Tsebo kapa bukana ea Seo a se Hlokang. Haeba beng ba matlo ba se ba e-na le lingoliloeng tsena, tsamaisa bukana leha e le efe e ’ngoe eo phutheho e nang le eona setokong. July le August: Ho ka sebelisoa bukana leha e efe e maqephe a 32 ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng. Likarolong tse ling tsa lefatše, ho ka tsamaisoa libukana tsena tse latelang: Buka ea Batho Bohle, A Satisfying Life—How to Attain It, Our Problems—Who Will Help Us Solve Them?, Spirits of the Dead—Can They Help You or Harm You? Do They Really Exist? le Will There Ever Be a World Without War?

◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 June kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.

◼ Selemong sena ho tla ba le likopano tsa machaba tse ’nè Afrika Boroa tseo ho tsona ho tla ba le baeti ba tsoang mose ho maoatle. Likopano tsena kaofela li tla tšoaroa ka mafelo-beke a la 4-7 December, li tla tšoareloa Johannesburg, Pretoria, Durban le Cape Town. Ho tla ba le LENANEO LA MOEA LE TŠOANANG likopanong tsa machaba le tsa setereke. Phapang feela ke hore likopanong tsa machaba baeti ba tsoang mose ho maoatle ba tla fana ka litlaleho tsa linaha tsa habo bona. Ka lebaka la khaello ea litulo le ea bolulo, haholo-holo kopanong ea Johannesburg le ea Cape Town, ha re khothalletse barab’abo rōna ho tla ka bongata likopanong tsena tsa machaba haeba ba sa memeloa ho ba teng. Leha ho le joalo, haeba kopano eo phutheho ea heno e memetsoeng ho eona e se ea puo ea hao ikutloe u lokolohile ho ea ho ea puo ea hao.

◼ Liphutheho li ka qala ho odara Watchtower Library—2001 Edition. Compact disc ena e tla fumaneha ka Sefora, Sejeremane, Senyesemane, Sepotoketsi le Setaliana. Re kōpa hore le hopole hore ke thepa e etsetsoang kōpo e khethehileng. Ha ea lokela ho abeloa batho bohle, ho behoa lilaebraring tsa likolo kapa ho fuoa batho ba mpang ba thahasella Lipaki Tsa Jehova. Watchtower Library e lokiselitsoe litho tsa phutheho ’me e fumanoa ka phutheho feela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela