Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka November: Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? kapa Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Haeba batho ba se ba ntse ba e-na le tsona, u ka ba tsamaisetsa buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete kapa buka e ’ngoe ea khale. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Sengoliloeng se seng seo u ka se tsamaisang ke Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele kapa Bibele—Lentsoe la Molimo kapa la Motho? Ho ka tsamaisoa U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng haeba e le teng setokong sa phutheho. January: Buka leha e le efe e hatisitsoeng pele ho 1988 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba le se na libuka tsena setokong, ka kōpo botsang phutheho e haufi hore na e na le libuka tse eketsehileng tsa khale tseo le ka li sebelisang. Liphutheho tse se nang libuka tsa khale li ka ’na tsa tsamaisa buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo kapa Lekunutu la Thabo ea Lelapa. February: Atamela ho Jehova.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong eo a mo khethileng o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 December kapa kapele ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea liak’haonte.
◼ Molebeli ea okamelang o lokela ho romela tlaleho ea Kabelo ea Tšimo e sa Abuoang (S-91) le liphihlelo leha e le life tse thahasellisang ofising ea lekala pele ho la 19 November, 2003. Ka kōpo netefatsa hore ho sebelisoa setempe se loketseng bakeng sa enfelopo e khōlō.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara livolume tsa 2003 tsa The Watchtower le Awake! kōpong ea tsona e latelang ea libuka. Livolume tsena li tla fumaneha ka Sechaena, Secroatia, Sedache, Sefora, Segerike, Sejapane, Sejeremane, Sekorea, Senyesemane, Sepanishe, Sepolishe, Sepotoketsi, Seromania, Serussia le Setaliana. Ho fihlela livolume tsena li fumaneha le ho romeloa, li tla hlaha e le “Pending” lethathamong la lintho tse romelloang phutheho. Livolume li fumaneha ka kōpo e khethehileng.
◼ Mongoli o lokela ho tiisa hore ho ntšoa chelete ea monehelo oa selemo le selemo oa Letlōle Bakeng sa Tšenyo Liholong Tsa ’Muso hang ha ho amoheloa seteitemente se bontšang chelete e kolotoang qalong ea selemo. Marulelo a Holo e ’ngoe ea ’Muso a ile a fefoha ’me phutheho eo ea ikoahlaea hore ebe e qetile lilemo tse hlano e sa ntše monehelo oa eona oa selemo le selemo. Haeba phutheho e hlōleha ho lefella selemo se seng, teka taba ka pel’a phutheho kaha ke boikarabelo ba eona ’me ho etsoe qeto ea ho ntša chelete e itseng nako le nako e le hore sekoloto se be se lefiloe qetellong ea selemo.
◼ Liphutheho tse e-s’o ka li odara likarete tsa Advance Medical Directive/Release le Identity Card li lokela ho li odara hammoho le kōpo ea tsona ea libuka ea December. Ka kōpo li odareng ka lihlopha tsa tse 20. Le se ke la fana ka likarete tsena. Li bolokeng ho fihlela le fuoa litaelo tse eketsehileng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso.
◼ Liphutheho tse ka fumanang mochine oa video li lokela ho tiisa hore bonyane ho na le kopi e le ’ngoe ea video e nang le sehlooho se reng Meeting Patients Needs and Rights (vcnr-E) bakeng sa puo Sebokeng sa Tšebeletso ka January.
◼ KA KŌPO HLOKOMELA: Matsatsi a kopano e latelang ea setereke a fetotsoe:
La 3, 4, January 2004:
Katima Mulilo (Senyesemane/Selozi)
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela—Sendonga