Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/03 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 12/03 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Sengoliloeng se seng seo u ka se tsamaisang ke Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele kapa Bibele—Lentsoe la Molimo kapa la Motho? Ho ka tsamaisoa le buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng haeba e le teng setokong sa phutheho. January: Buka leha e le efe e hatisitsoeng pele ho 1988 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba le se na libuka tsena setokong, ka kōpo botsang liphutheho tse haufi hore na li na le libuka tse eketsehileng tsa khale tseo le ka li sebelisang. Liphutheho tse se nang libuka tsa khale li ka ’na tsa tsamaisa buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo kapa Lekunutu la Thabo ea Lelapa. February: Atamela ho Jehova. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. Haeba batho ba se ba e-na le buka ena, ho ka ’na ha tsamaisoa Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara limemo tsa Sehopotso tsa selemo sa 2004 ha li odara lingoliloeng ka December. Limemo tsena li fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Li lokela ho odaroa ka lihlopha tsa tse 100 puo ka ’ngoe. Ka kōpo e-bang le kahlolo e molemo ha le odara limemo tsena kaha li lokiselitsoe batho ba thahasellang feela, eseng batho bohle.

◼ Ho tloha ka la 15 March, 2004, ho ea ho la 16 May, 2005, Thutong ea Buka ea Phutheho ho tla ithutoa buka ea Atamela ho Jehova. Liphutheho tse batlang khatiso ea mongolo o moholo ea buka ena, e fumanehang ka Senyesemane, Sepotoketsi le Sezulu, li lokela ho romela odara ea tsona kapele kamoo ho ka khonehang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela