Re ka Thusa Balekane Bao e Seng Lipaki Joang?
1 Bahlanka ba bangata ba Jehova ba nyalane le batho ba mosa ho barab’abo rōna, ba thahasellang phutheho empa ba le leqe ho ba bahlanka ba Molimo. Monna e mong o ile a lumela, a re: “Khopolo ea ho ea ka ntlo le ntlo e ne e le tšitiso e khōlō ho ’na.” Mohlomong ba bang ba na le mekhoa e sa lumellaneng le mangolo eo ho hlokahalang hore ba e hlōle, kapa ba ka ’na ba nahana hore ha ho mohla ba tla khona kemiso e maphathaphathe ea puso ea Molimo ea balekane ba bona. Re ka ba thusa joang?
2 Bontša Thahasello: Ho bontša thahasello ho ba bang le ho hlokomela lintho tseo ba amehileng ka tsona ho ka ’na ha bula monyetla oa hore ba amohele ’nete ea Bibele. (Bafil. 2:4) Hangata bao pele ba neng ba se bolumeling bo le bong le balekane ba bona ba bua ka thahasello e lerato eo ba bang ba ileng ba e bontša. Monna ea qotsitsoeng pejana o ile a hlalosa, a re: “José, eo e leng moholo ka phuthehong, o ile a nthahasella ka tsela e khethehileng. Ke nahana hore ke khothatso ea hae e entseng hore ke qetelle ke qalile ho ithuta ka matla.” Monna e mong o hopola hore barab’abo rōna ba neng ba mo etela ba ile ba etsa boiteko ba ho bua ka lintho tseo a li thahasellang. O itse: “Ke ile ka qala ho talima bolumeli [ba mosali oa ka] ka tsela e fapaneng. Metsoalle ea hae e ne e le batho ba nang le kelello ba neng ba khona ho bua ka lintho tse fapa-fapaneng.”—1 Bakor. 9:20-23.
3 Fana ka Thuso ea Sebele: Balekane bao e seng Lipaki ba ka boela ba khahloa ke thuso e mosa eo ba e fuoang. (Liprov. 3:27; Bagal. 6:10) Ha koloi ea monna e mong ea sa lumelang e robeha, mocha oa Paki o ile a mo thusa. Ha a hopola, o re: “Seo se ile sa nkhahla haholo.” Mora e mong oabo rōna o ile a qeta letsatsi lohle a thusa monna ea sa lumelang oa morali’abo rōna ho kampela jarete ea hae. Ha ba ntse ba sebetsa hammoho ’me ba qoqa, e ile ea e-ba metsoalle. Ka mor’a libeke tse peli, monna eo a atamela mor’abo rōna ’me a re: “Ke nako ea hore ke etse liphetoho tse itseng bophelong ba ka. Na u ka nkhannela thuto ea Bibele?” O ile a hatela pele ka potlako ’me hona joale ke Paki e kolobelitsoeng.
4 Ha re ntse re batla ba tšoanelehang tšimong ea rōna, a re tsoeleng pele ho thusa balekane ba balumeli-’moho le rōna.—1 Tim. 2:1-4.