Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka January: Buka leha e le efe e hatisitsoeng pele ho 1988 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba le se na libuka tsena setokong, ka kōpo botsang liphutheho tse haufi hore na li na le libuka tse eketsehileng tsa khale tseo le ka li sebelisang. Liphutheho tse se nang libuka tsa khale li ka ’na tsa tsamaisa buka ea Moloko oa Batho o Batla Molimo kapa Lekunutu la Thabo ea Lelapa. February: Atamela ho Jehova. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele. Haeba batho ba se ba e-na le buka ena, ho ka ’na ha tsamaisoa buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! April: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u etsa maeto a ho boela ho batho ba thahasellang, e-ea le ho ba bileng teng Sehopotsong kapa liketsahalong tse ling tsa puso ea Molimo empa ba sa kopanele ka mafolofolo le mokhatlo o hlophisitsoeng. Lebisa tlhokomelo ho tsamaiseng buka ea Rapela Molimo. Ho etsoe boiteko bo tiileng ba ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele, haholo-holo haeba batho ba bang ba se ba ithutile buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang.
◼ Ho tloha ka February, ho fella ka la 7 March, puo ea phatlalatsa e ncha ea balebeli ba potoloho e tla ba e reng “U Ananela Litekanyetso Tsa Mang?”
La 3 April, 2004, e tla ba Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Nakong e fetileng ba bangata ba ’nile ba thabela ho kopanela tšebeletsong ea Letsatsi la Limakasine le khethehileng. Re khothalletsa bohle ho qalella ho lokisetsa hona joale e le hore ba ka kopanela ka botlalo selemong sena. Liphutheho li lokela ho romela liodara tse khethehileng tsa limakasine kapele kamoo ho ka khonehang.