Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/04 leq. 2
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 4/04 leq. 2

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka April le May: Tsamaisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u khutlela ho batho ba thahasellang, ba ka ’nang ba akarelletsa ba bileng teng Sehopotsong le/kapa liketsahalong tse ling tsa puso ea Molimo empa ba sa kopanele kamehla le mokhatlo o hlophisitsoeng, lebisa tlhokomelo ho tsamaiseng buka ea Rapela Molimo. Ho lokela hore ho etsoe boiteko bohle ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele, haholo-holo haeba batho ba bang ba se ba ithutile buka ea Tsebo le bukana ea Seo a se Hlokang. June: Ithute ho Mosuoe e Moholo. Haeba batho ba re ha ba na bana, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang. Ha u sebelisa bukana ena, lebisa tlhokomelo ho qaliseng lithuto tsa lehae tsa Bibele. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32, ntle le ea Thuto le Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara livolume tsa 2003 tsa The Watchtower le Awake! Livolume tsena li tla fumaneha ka Sejeremane, Senyesemane le Sepotoketsi. Ho fihlela ha livolume tsena li fumaneha ’me li romeloa, li tla hlaha e le “Pending” mathathamong a lingoliloeng a phutheho. Livolume tsena li fumaneha ka kōpo e khethehileng.

◼ Ho hlokahala hore ofisi ea lekala e be le tlaleho e nakong ea liaterese le linomoro tsa thelefono tsa balebeli bohle ba okamelang le bangoli. Haeba ho e-ba le phetoho ka nako efe kapa efe, Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela ho tlatsa foromo ea Phetolo ea Aterese ea Molebeli ea Okamelang/Mongoli (S-29) ’me e e tekene le ho e romela ofising ea lekala kapele-pele. Sena se akarelletsa le liphetoho leha e le life tsa nomoro ea sebaka ea thelefono.

◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:

Elementary Bible Teachings—Puo ea Matsoho ea Amerika. DVD ena e na le boitsebiso le lipotso tsa kolobetso tse leqepheng la 171-218 la buka ea Tšebeletso ea Rōna ’me e na le mangolo a qotsitsoeng a fetang 300. Joaloka tabeng ea video, batho ba litholo ba thahasellang ’me ba lakatsa ho kolobetsoa ba tla fumana boitsebiso bona bo le molemo ha ba lokisetsa ho hlahloba lipotso pele ho kolobetso. Baholo le bona ba tla fumana DVD ena e le molemo ha ba hlahloba lipotso le batho ba batlang ho kolobetsoa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela