Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/04 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 6/04 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 28 June, 2004. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 3 May ho ea ho la 28 June, 2004. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Ke lintho life tse ka etsang hore re se ke ra bua ka tsela ea ho qoqa kapa ea tlhaho ha re le sethaleng? [1, be-SU leq. 179 ser. 4]

2. Ke hobane’ng ha ho ntlafatsa boleng ba mantsoe a rōna e se feela taba ea ho phefumoloha hantle le ho thapolla mesifa e sataletseng? [2, be-SU leq. 181 ser. 2]

3. Ha re ntse re bolella ba bang linnete tsa Bibele, re ka nka mehato efe e le hore re be “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle”? (1 Bakor. 9:20-23) [5, be-SU leq. 186 lir. 2-4]

4. Ho mamela ka hloko ha re le tšebeletsong ho akarelletsa eng? [6, be-SU leq. 187]

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bontša tlhompho ho motho e mong le e mong eo re kopanang le eena ha re le tšebeletsong? [9, be-SU leq. 190]

PUO EA 1

6. Pakane ea ba rutang thuto ea puso ea Molimo ke efe, ’me ke’ng se tla re thusa ho finyella pakane eo? (Mat. 5:16; Joh. 7:16-18) [1, be-SU leq. 56 ser. 3–leq. 57 ser. 2]

7. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho bontša phapang pakeng tsa lintho ha u ruta, hona Jesu o ile a sebelisa mokhoa oo oa ho ruta joang? [2, be-SU leq. 57 ser. 3; leq. 58 ser. 2](

8. Ho fapana le Bafarisi, thuto ea Jesu e ile ea finyella lipelo tsa batho joang? [3, be-SU leq. 59 lir. 2-3]

9. Re ka thusa bao re ba rutang joang ho sebelisa seo ba ithutang sona, re sa ba etsetse liqeto? [4, be-SU leq. 60 lir. 1-3]

10. Re lokela ho arabela joang lipotso tseo ba bang ba li botsang mabapi le litaba tsa botho? [8, be-SU leq. 69 lir. 4-5]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. Ke hobane’ng ha Moshe a ne a tlameha ho latela haufi-ufi “mohlala oa tabernakele le mohlala oa thepa eohle ea eona”? (Ex. 25:9) [1, it-2 leq. 1058 ser. 7]

12. Re ka ithuta eng karabelong ea Arone ho Moshe mabapi le ketsahalo ea namane ea khauta? (Ex. 32:24) [3, g73 2/8 leq. 3; w59 leq. 626 lir. 2-3]

13. Re ka ithuta’ng pontšong ea Baiseraele ea tumelo ha ba utloa taelo ea Jehova e ho Exoda 34:23, 24? [4, w98-SU 9/1 leq. 20; w68-SU 1/15 leq. 37 (w67 leq. 436)]

14. Morero oa sehlabelo se kopanetsoeng e ne e le ofe? (Lev. 3:1) [6, w00-SU 8/15 leq. 15 ser. 15]

15. Tšebetso ea ho khethoa ha Arone, e tlalehiloeng ho Levitike 8:23, e sebetsa ho Jesu joang ka tsela ea tšoantšetso? [7, it-2 leq. 1113 ser. 4; w69-SU 1/1 leq. 15 ser. 24 (w68 leq. 399 ser. 24)]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela