Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka June: Ithute ho Mosuoe e Moholo. Haeba batho ba re ha ba na bana, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang. Ha u sebelisa bukana ena, lebisa tlhokomelo ho qaliseng lithuto tsa lehae tsa Bibele. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32, ntle le ea Thuto le ea Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang? September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.
◼ E le ho tiisa hore Holo ea ’Muso e lula e sireletsehile, motho oa ho qetela ea tsoang mohahong o lokela ho notlela monyako le liheke tsohle. Haeba motho eo a sa khone ho siea mohaho o sireletsehile, o lokela ho bitsa e mong ea ka khonang ’me a se ke a tsamaea ho fihlela motho eo a fihla. Baholo ba lokela ho boloka lethathamo le nakong la bahoeletsi ba nang le boikarabelo ba filoeng linotlolo tsa Holo ea ’Muso.
◼ Ho tla lokisetsoa hore ho tšohloe video ea Respect Jehovah’s Authority tokollong ea September ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Liphutheho tse se nang video ena, li lokela ho e akarelletsa odareng e latelang ea lingoliloeng.
◼ K’hasete e Ncha e Fumanehang:
Ithute ho Mosuoe e Moholo—Senyesemane
◼ Sengoliloeng se Secha se Fumanehang:
Watch Tower Publications Index 1992-2002—Puo ea Matsoho ea Amerika