Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/04 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 7/04 leq. 3

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka July le August: Ho ka sebelisoa bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. October: Molula-Qhooa le Tsoha! Moo ho bontšitsoeng thahasello, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang, u etse boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele.

◼ Ho tloha ka September, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa eo sehlooho sa eona se reng “Ho Talimana le Bokamoso ka Tumelo le Sebete.”

◼ Ha bahoeletsi ba sebetsa tšimo e sa abuoang, ba ka tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo. Mong’a ntlo ea seng a e-na le lingoliloeng tsena tse peli, a ka tsamaisetsoa sengoliloeng sefe kapa sefe se seng. Bohle ba lokela ho nka lipampitšana tse sa tšoaneng bakeng sa matlo a se nang batho kapa batho ba sa amoheleng lingoliloeng. Ho lokela ho etsoe boiteko ba ho khutlela moo ho bontšitsoeng thahasello, haholo-holo masimong a sa abuoang ao liphutheho tse haufi li ka a finyellang habonolo.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara liforomo tse lekaneng tsa selemo sa tšebeletso sa 2005 ha li odara lingoliloeng ka July. Liforomo tse latelang ha lia lokela ho odaroa kaha li tla kenyelletsoa thomellong ea liforomo tsa phutheho ea selemo le selemo: Tlaleho ea Phutheho (S-1), Report Card Envelopes (rce), Foromo ea ho Romella Monehelo (S-20), Tlaleho ea Tlhahlobo ea Liak’haonte Tsa Phutheho (S-25), Leqephe la Liak’haonte (S-26), le Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30). Ka kōpo sebelisang liforomo tsohle ka hloko. Li lokela ho sebelisetsoa seo li se reretsoeng feela.

◼ Pele liforomo tsa kōpo ea bopula-maliboho ba kamehla li romeloa ofising ea lekala, mongoli oa phutheho o lokela ho li hlahloba ho tiisa hore li tlatsitsoe ka ho feletseng. Haeba ba etsang kōpo ba sa hopole hantle hore na ba kolobelitsoe neng, ba lokela ho hakanya letsatsi leo ’me ba le ngole fatše. Mongoli o lokela ho ngola letsatsi leo kareteng ea Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho.

◼ Neng le neng ha u ngolla ofisi ea lekala, ke habohlokoa hore u ngole ka ho hlaka lebitso le nomoro e nepahetseng ea phutheho, kamoo li ngolisitsoeng kateng ofising

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Ho na le phetoho likopanong tsa setereke tse latelang:

LA 4 LE LA 5 DECEMBER:

Katima Mulilo (Senyesemane/Selozi)

LA 11 LE LA 12 DECEMBER:

Windhoek (Sekwanyama, Sepotoketsi)

LA 25 LE LA 26 DECEMBER:

Oshakati

◼ KA KŌPO HLOKOMELANG: Kopanong ea Windhoek ea la 10-12 December ho tla ba le lenaneo le ka thōko la Senyesemane le la Seafrikanse.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:

Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng—Sekwanyama

Atamela ho Jehova—Mongolo o Moholo—Sezulu

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela