Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 30 August, 2004. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 5 July ho ea ho la 30 August, 2004. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Re ka hlalosa lebaka la tšepo ea rōna joang “ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng”? (1 Pet. 3:15) [be-SU leq. 192 lir. 2-4]
2. Ke hobane’ng ha ho bua ka kholiseho e le habohlokoa? (Bar. 8:38, 39; 1 Bathes. 1:5; 1 Pet. 5:12) [be-SU leq. 194]
3. Kholiseho e bonahatsoa joang? [be-SU leq. 195 ser. 3–leq. 196 ser. 4]
4. Masene ke eng, ke hobane’ng ha a le bohlokoa, ’me re ka leka-lekanya tšobotsi ee le ho tiea joang? (Bar. 12:18) [be-SU leq. 197]
5. Motho ea masene o tla nahanela eng pele a bua? (Liprov. 25:11; Joh. 16:12) [be-SU leq. 199]
PUO EA 1
6. Meqoqo le mekhoa ea rōna ea ho ithuta Bibele e ka bontša eng ka hore na re tsoetse pele ’neteng ho isa bohōleng bofe? [be-SU leq. 74 ser. 3–leq. 75 ser. 2]
7. ‘Ho ithekela nako e loketseng’ ho bolela’ng, ’me re ka ho etsa joang? (Baef. 5:16) [w02-SU 11/15 leq. 23]
8. Mangolo a hlakisa joang hore batho bohle baa lekana mahlong a Molimo, ’me see se lokela ho ama tšebeletso ea rōna joang? [w02-SU 1/1 maq. 5, 7]
9. Ke eng se boleloang ke lebitso le khethehileng la ’Mōpi, Jehova? [w02-SU 1/15 leq. 5]
10. Ke eng se ileng sa etsa hore sehlabelo sa Abele e be “sa bohlokoa bo boholo ho feta” sa Kaine, ’me re ka ithuta eng ho see mabapi le “sehlabelo [sa rōna] sa thoriso”? (Baheb. 11:4; 13:15) [w02-SU 1/15 leq. 21 ser. 6—leq. 22 ser. 1]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. ’Nete kapa Bohata: Levitike 18:20 e fana ka molao-motheo o bontšang hore e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng hore mosali oa Mokreste a nkele mosali e mong sebaka sa bomme.
12. Ho latela boprofeta, “mahobe a mabeli” ao moprista ea phahameng a neng a nehelana ka ’ona e le “nyehelo e tsokoang” Moketeng oa Libeke (Pentekonta) a ne a tšoantšetsa eng? (Lev. 23:15-17) [w98-SU 3/1 leq. 13 ser. 21]
13. Tabeng ea bofebe bo kang bo boletsoeng ho Numere khaolong ea 5, ke ka kutloisiso efe “serope” sa mosali ea molato se neng se tla ‘senyeha’? (Num. 5:27) [w84-SU 6/1 leq. 30]
14. Ke hobane’ng ha Miriame le Arone ba ne ba bua Moshe hampe ka lebaka la mosali oa hae oa Mokushe? (Num. 12:1) [w02-SU 10/15 leq. 29; w84-SU 6/1 maq. 30-31 (w84 4/15 maq. 29-30)]
15. ‘Buka ea Lintoa Tsa Jehova’ e ne e le eng? (Num. 21:14)