Litsebiso
◼ January: Buka efe kapa efe e hatisitsoeng pele ho 1990 eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba le se na tsona setokong, ka kōpo botsang hore na liphutheho tse haufi li na le lingoliloeng tse eketsehileng tsa khale tseo le ka li sebelisang. February: Atamela ho Jehova. March: Ithute ho Mosuoe e Moholo. April: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!
◼ Ho tloha ka February ho fihlela ka la 6 March, puo ea phatlalatsa e ncha ea balebeli ba potoloho e tla ba le sehlooho se reng “E-ba Bohlale Lefatšeng le Hlokang Kelello.”
◼ Liphutheho li lokela ho etsa litokisetso tse loketseng bakeng sa ho keteka Sehopotso selemong sena ka Labone la la 24 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Le hoja puo e ka qala pejana, ho fetisoa ha litšoantšetso ho lokela ho qala ka mor’a hore letsatsi le likele. Fumanang mehloling ea sebaka sa lōna hore na letsatsi le likela neng. Ho ka ba molemo ha phutheho ka ’ngoe e ka tšoara Sehopotso sa eona. Leha ho le joalo, hase kamehla ho ka khonehang. Moo liphutheho tse ’maloa li tloaetseng ho sebelisa Holo ea ’Muso e le ’ngoe, mohlomong phutheho e le ’ngoe kapa tse ’maloa li ka sebelisa mehaho e meng mantsiboeeng ao. Moo ho khonehang, re etsa tlhahiso ea hore ho be le bonyane metsotso e 40 pakeng tsa mananeo e le hore bohle ba ka rua molemo o feletseng ketsahalong eo. Ho lokela hore ho nahaneloe maemo a sephethephethe le ho pakoa ha likoloi, ho akarelletsa le ho theola le ho lata batho. Sehlopha sa baholo se lokela ho etsa qeto ea hore na ke litokisetso life tse tla ba molemohali sebakeng ka seng.
La 16 April, 2005, e tla ba Letsatsi la rōna le khethehileng la Limakasine. Re khothalletsa bohle hore ba qale esale joale ho lokiselletsa ho kopanela ka botlalo selemong sena. Liphutheho li lokela ho kenya likōpo tse khethehileng tsa limakasine kapele kamoo ho ka khonehang kateng.