Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso Ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 April, 2005. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 7 March ho ea ho la 25 April, 2005. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ha re lokisetsa puo, ke joang re ka sebelisang boitsebiso bo fanoeng hamolemo, ’me ke hobane’ng ha see e le sa bohlokoa? [2, be-SU leq. 234 lir. 1-3, mabokose]
2. Re lokela ho leka ho akaretsa boitsebiso bo bokae bo fanoeng puong? [2, be-SU leq. 234 ser. 4–leq. 235 ser. 1]
3. Re ka sebelisa lipotso joang ho khothalletsa moqoqo tšebeletsong ea tšimo? (Lik. 8:30) [3, be-SU leq. 236 lir. 2-5]
4. Re ka sebelisa lipotso joang ho thusa liithuti tsa Bibele ho sebelisa “matla a [tsona] a ho nahana?” (Bar. 12:1) [5, be-SU leq. 238 ser. 1]
5. Lipotso tse botsitsoeng ho Baroma 8:31, 32 le ho Esaia 14:27 li na le phello efe? [7, be-SU leq. 239 lir. 1-2]
PUO EA 1
6. Re ‘beha Kreste e le motheo’ joang mosebetsing oa rōna oa ho etsa barutuoa? (1 Bakor. 3:11) [1, be-SU leq. 278 lir. 1-2]
7. Kaha Jehova o file Mora oa hae matla ’ohle a ho busa ka 1914, sepheo sa rōna ke sefe ha re rapela re re, “’Muso oa hao o ke o tle”? (Mat. 6:9, 10) [2, be-SU leq. 279 ser. 4]
8. Ke hobane’ng ha Bakreste bohle ba lokela ho thahasella ho tseba ho bala, ’me Jesu o behile mohlala joang tabeng ee? [5, w03-SU 3/15 leq. 10 ser. 5; leq. 12 ser. 2]
9. Mohlala oa Josiase le Jesu o ka thusa bacha joang hore ba tsoele pele moeeng? [6, w03-SU 4/1 leq. 8 lir. 3-4; leq. 10 ser. 3]
10. Ke hobane’ng ha re ka tšepa Molimo? (Liprov. 3:5, 6) [7, w03-SU 11/1 leq. 4 lir. 6-7]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Ke hobane’ng ha Anna a ne a rapella hore Jehova a ‘fe morena oa hae matla’ ha ho ne ho se na morena ea busang Iseraele? (1 Sam. 2:10)
12. Re ka ithuta eng ’neteng ea hore Baiseraele ba ile ba hlōloa ho sa tsotellehe hore ba na le areka ea selekane har’a bona? (1 Sam. 4:3, 4, 10)
13. Ke hobane’ng ha 1 Likronike 2:13-15 e re Davida ke mora oa bosupa oa Jese, empa 1 Samuele 16:10, 11 e bontša hore e ne e le oa borobeli?
14. Saule o ile a tšosoa ke “moea [ofe] o mobe”? (1 Sam. 16:14)
15. Na taba eo “Samuele” a ileng a e bolela esale pele a sebelisa ea buisanang le meea Ene-dore e ne e nepahetse? (1 Sam. 28:16-19)