Kemiso ea Lelapa—Liboka Tsa Phutheho
1 Haeba u motsoali oa Mokreste, u batla hore bana ba hao ba hōle ba rata Jehova ebile ba mo sebeletsa, ’me qetellong ba fumane bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng. U ka ba thusa joang hore ba etelletse borapeli ba Jehova pele bophelong ba bona? Tsela e ka sehloohong ke ka mohlala oa hao. (Liprov. 20:7) Ha a hopola mohlala oa ’mè oa hae oa Paki, morali e mong oabo rōna o ile a re: “Ho ne ho se mohla re ipotsang hore na re ee libokeng kapa che.” Le ka mohla ha aa ka a lebala sena.
2 Na lelapa la hao le utloisisa morero oa liboka tsa phutheho? Thupelo eo re e fumanang lipokanong tsena e re matlafaletsa ho tsoela pele re etsa thato ea Molimo, ’me botsoalle boo re bang le bona le barab’abo rōna ke mohloli oa bohlokoahali oa khothatso. (Esa. 54:13; Bar. 1:11, 12) Leha ho le joalo, morero o ka sehloohong oa liboka tse joalo ke ho rorisa Jehova “har’a matšoele a phuthehileng.” (Pes. 26:12) Liboka tsa Bokreste li re fa menyetla ea ho bontša lerato la rōna ho Jehova le ho mo rapela.
3 “Le Lule le Lebetse ka Tieo”: Ho utloisisa morero o halalelang oa liboka tsa rōna ho tla re susumelletsa ho ‘lula re lebetse ka tieo’ e le hore butle-butle re se ke ra tloaela ho fetoa ke liboka ka mabaka a bosaoana. (Baef. 5:15, 16; Baheb. 10:24, 25) Ha u etsa kemiso ea hao ea lelapa, u ka ’na ua qala ka ho ngola linako tsa liboka tsa phutheho. Joale hlokomela hore u se ke ua lumella mesebetsi e meng ho kena-kenana le tsona. Etsa bonnete ba hore ho ea libokeng e ba ntho e tlang pele lelapeng la hao.
4 Na ha re amehe maikutlo ha re bala ka barab’abo rōna ba hlōlang litšitiso hore ba ee libokeng le likopanong? Le hoja mohlomong maemo a hao e se a ikhethang hakaalo, ho ka etsahala hore ebe le uena u ntse u thulana le mathata. Satane o ntse a thatafalletsa batho ba Molimo le ho feta hore ba rapele Jehova. Leha ho le joalo, u kholisehe hore ka sebele bana ba hao ba tla hlokomela boiteko bo matla ba lelapa la hao ba ho ea libokeng tsa phutheho. Ka ho etsa joalo, ruri u ka ba fa mpho ea moea eo le ka mohla ba ke keng ba e lebala.