Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 27 June, 2005. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 2 May ho ea ho la 27 June, 2005. [Tlhokomeliso: Moo ho sa fanoang ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ke hobane’ng ha mantsoe a bapisang, le puo ea tšoantšetso e le litsela tse matla tsa ho ruta? (Gen. 22:17; Pes. 1:3; Jak. 3:6) [1, be-SU leq. 240 lir. 2-4, lebokose]
2. Re ka fumana mehlala e rutang lithuto tsa bohlokoa hokae, empa re lokela ho ba seli joang tabeng ee? [3, be-SU leq. 242 lir. 1-2]
3. Re lokela ho hopola eng ha re khetha lipapiso tse tla atleha haholo? [5, be-SU leq. 244 lir. 1-2]
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa lithuso tse bonahalang ha re ruta, hona Jehova o entse seo joang? [7, be-SU leq. 247 lir. 1-2, lebokose]
5. Re ka sebelisa lithuso tse bonahalang tsa ho ruta joang tšebeletsong ea tšimo? [9, be-SU leq. 248 ser. 1–leq. 249 ser. 2]
PUO EA 1
6. Lentsoe la Molimo le na le tataiso efe mabapi le ho ruta bana? [1, w03-SU 3/15 leq. 12 ser. 2; leq. 14 ser. 4]
7. Jehova o ile a bontša thahasello joang ho Davida a sa ntse a le mocha, ’me Davida o ile a bontša thahasello joang ho Jehova? [2, w03-SU 4/15 leq. 29 ser. 3; leq. 30 ser. 3]
8. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a amohela sehlabelo sa Abele, ’me see se re tiisetsa eng? (Gen. 4:4) [3, w03-SU 5/1 leq. 28 ser. 4–leq. 29 ser. 1]
9. “Taeo ea Jehova” eo Liproverbia 3:11 e re eletsang hore re se ke ra e lahla ke eng? [6, w03-SU 10/1 leq. 20 lir. 2-4]
10. “Ho khotsofala” ho bolela’ng joalokaha ho buuoe ka hona ho 1 Timothea 6:6-8? [8, w03-SU 6/1 leq. 9 lir. 1-2; leq. 10 ser. 1]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. Tlamo e kopanyang ea lerato pakeng tsa Jonathane le Davida e ne e tšoantšetsa eng? (2 Sam. 1:26) [1, w89-SU 1/1 leq. 26 ser. 13]
12. Ho ka ithutoa’ng boitekong ba Davida ba pele ba ho isa areka ea selekane Jerusalema? (2 Sam. 6:2-9)
13. Ka mor’a hore Davida le Bathe-sheba ba etse sebe, ke hobane’ng ha mor’a bona a ile a tlameha ho shoa, kaha Deuteronoma 24:16 le Ezekiele 18:20 li re mora ha aa tšoanela ho shoa ka lebaka la phoso ea ntat’ae? (2 Sam. 12:14; 22:31)
14. Re tseba joang hore seo Tsiba a neng a se bua ka Mefiboshethe e ne e le leshano? (2 Sam. 16:1-4)
15. Ke hobane’ng ha tsela eo Mefiboshethe a ileng a itšoara ka eona tabeng ea hae le Tsiba e le mohlala o motle ho rōna? (2 Sam. 19:24-30)