Litsebiso
◼ July le August: Bukana efe kapa efe e maqephe a 32, ntle le ea Lipaki Tsa Jehova le Thuto, Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang? Li Lumela Eng? le ea ‘Bona Naha e Ntle.’ September: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.
◼ Ho qala ka September, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa eo sehlooho sa eona se reng “Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Tataisoa ke Bibele?”
◼ Ho khothalletsoa hore likōpo tsa tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla li romeloe ofising ea lekala bonyane matsatsi a 30 pele ho letsatsi leo motho a kōpang ho qala ka lona. Mongoli oa phutheho o lokela ho hlahloba liforomo tseo ho etsa bonnete ba hore li tlatsitsoe hantle. Haeba ba etsang kōpo ba se ba sa hopole letsatsi leo ba kolobelitsoeng ka lona, ba ka hakanyetsa letsatsi le itseng ’me ba le sebelisa kamehla e le letsatsi leo ba kolobelitsoeng ka lona. Mongoli o lokela ho ngola letsatsi leo kareteng ea Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho (S-21).
◼ Bangoli ba liphutheho ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba na le Lengolo la ho Khethoa ha Pula-maliboho (S-202) bakeng sa pula-maliboho e mong le e mong oa kamehla phuthehong. Haeba le le sieo, ka kōpo ngollang ofisi ea lekala.
◼ MANGOLO A THATO EA MOFU: Pele le phethela lengolo la thato ea mofu leo ho lona Watch Tower e khethoang e le mojalefa, ka kōpo romelang kopi ea lona ho Estate Desk ofising ea lekala hore ho hlahlojoe mantsoe a sebelisitsoeng. Ka linako tse ling mangolo a thato ea mofu a etsoa ka tsela eo ho bang thata ho a phethela. Ka mor’a hore le saene lengolo leo la thato ea mofu, ka kōpo romelang kopi ea lona ofising ea lekala hore e bolokoe hantle.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho kōpa thomello ea tsona ea liforomo bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 2006 ha li etsa kōpo ea tsona ea libuka ea July. Liforomo tse latelang ha lia lokela ho kōptjoa kaha li tla kenyelletsoa thomellong ea selemo le selemo ea phutheho: Tlaleho ea Phutheho (S-1), Lienfolopo Tsa Karete ea Tlaleho (rce), Foromo ea ho Romella Monehelo (S-20), Tlaleho ea Tlhahlobo ea Liak’haonte Tsa Phutheho (S-25), Leqephe la Liak’haonte (S-26), le Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30). Ka kōpo sebelisang liforomo tsohle ka hloko. Li lokela ho sebelisetsoa morero oa tsona feela.
◼ Tlhokomeliso ho Bahokahanyi ba Libuka: Ha le letsetsa ofising ea lekala mabapi le libuka tse rometsoeng moo li neng li sa ee teng, ka kōpo letsang le tšoere (ma)lethathamo la lintho tse rometsoeng, ha ho khoneha. Haeba le ngolla ofising ea lekala, ka kōpo fanang ka kopi ea lethathamo la lintho tse rometsoeng.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2005—E Mongolo o Moholo—Sechichewa, Senyesemane le Seshona
◼ Li-Compact Disc Tse Ncha Tse Fumanehang:
Warning Examples for Our Day—Senyesemane
Watchtower Library—2004 Edition—Senyesemane, Sepotoketsi (TlHOKOMELISO: Ho tloha joale ho ea pele, e se e tla fumaneha selemo le selemo.)