Litsebiso
October: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! November: Ithute ho Mosuoe e Moholo. December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.
◼ Kaha October e na le Meqebelo le Lisontaha tse hlano, e ka ba khoeli e ntle ea ho kenela bopula-maliboho bo thusang.
◼ Tšebeletsong ena ea Rōna ea ’Muso ho kenyelelitsoe “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ea 2006” ’me e lokela ho bolokoa e le hore e ka sebelisoa selemong sohle sa 2006.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara Limemo Tsa Sehopotso sa selemo sa 2006 odareng ea tsona e latelang. Limemo tsena li tla fumaneha ka Seafrikanse, Sefora, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setsonga, Setswana, Sexhosa le Sezulu. Li lokela ho odaroa ka lihlopha tsa tse 100 puo ka ’ngoe. Ka kōpo e-bang le kahlolo e molemo ha le odara limemo tsena kaha li lokela ho fuoa batho ba thahasellang feela, eseng motho e mong le e mong.
◼ Hangata batho ba founela ofisi ea lekala malebana le hore na ho etsoe joang ka menehelo ea koluoa e itseng, joaloka tsunami e etsahetseng linaheng tsa Asia Boroa-bochabela. Nakong e tlang, menehelo eohle ea liphallelo kapa ea ntho leha e le efe, e lokela ho ea mosebetsing oa lefatše lohle, ebang e romeloa ka phutheho kapa ka ho toba ofising ea lekala. Litšenyehelo tse amanang le mosebetsi oa liphallelo li lefelloa ka menehelo ea mosebetsi oa lefatše lohle.
◼ Re kōpa hore mangolo ’ohle ao le a romelang ofising ea lekala le a ngole lebitso, nomoro ea phutheho le ea depo, kapa aterese ea poso. Sena se tla bebofatsa mosebetsi oa ho a romela ka potlako mafapheng ao a eang ho ’ona. Batho ba ngolang le bona ba lokela ho ngola mabitso a bona ka ho hlaka le liaterese tseo mangolo a ka romeloang ho tsona ha ba arajoa. Lintlha tseo li lokela ho ngoloa ho elella holimo k’honeng e ka letsohong le letšehali ea enfelopo.