Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka February: Atamela ho Jehova. March: Ithute ho Mosuoe e Moholo. April le May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha!
◼ Kaha April e na le Meqebelo e mehlano le Lisontaha tse hlano, e ka ba khoeli e molemo ka ho fetisisa bakeng sa bopula-maliboho bo thusang.
◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng nakong ea Sehopotso sa 2006 e tla fanoa ka Sontaha sa la 30 April, ’me e tla ba le sehlooho se reng “Na Molimo o sa Ntse a Laola Lintho?”
◼ Molebeli ea okamelang, kapa motho e mong ea khethiloeng ke eena, o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 March kapa kapele ka mor’a moo. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, ebang ke ea tokiso kapa ea kaho, ho lokela ho etsoe litokisetso tsa hore le eona e hlahlojoe. Ha li se li hlahlobiloe, phutheho e lokela ho tsebisoa tlalehong e latelang ea liak’haonte. Re kōpa hore liphutheho tse entseng kōpo ea ho ba Mekhatlo e Ruisang Sechaba Molemo (li-PBO) li romele liak’haonte tsa tsona tsa phutheho tsa December, January le February ofising ea lekala ha li se li hlahlobiloe. Li lokela ho romeloa Accounting Office.
◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba ba bang ba thatafalloa ho finyella lihora tse hlokahalang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore ba thusoe. Hlahlobang mangolo a selemo le selemo a S-201 bakeng sa litlhahiso.
◼ Watchtower Library—2005 Edition: Joalokaha ho tsebisitsoe Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea July 2005, CD-ROM ea Watchtower Library e se e fumaneha selemo le selemo ’me e na le boitsebiso ba likhatiso tse lokolotsoeng ho fihlela bofelong ba selemo seo. Watchtower Library—2005 e na le litšobotsi tse ncha tse peli. Ea pele ke temana ea letsatsi e tsoang bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla le kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Nako le nako ha Watchtower Library e buloa, e tla bontša temana ea letsatsi leo le litlhaloso tsa eona tse tsoang bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ea bekeng eo e tla hlaha ka tlas’a eona.
Tšobotsi ea bobeli e ncha ke e hlahisang lipuo tse fapaneng ka nako e le ’ngoe. Nakong e fetileng, u ne u ka khona ho kenya likhatiso tse peli tse tharo tse ikemetseng tsa Watchtower Library ka lipuo tse kang Senyesemane le Sepanishe, empa li ne li sa tsamaisane. Tšobotsi ee e hlahisang lipuo tse fapaneng ka nako e le ’ngoe e tla u nolofalletsa ho etsa’ng? Ha u butse lipuo tse peli kapa tse ’maloa khatisong ea 2005, u ka batla boitsebiso ’me ua bo bula ka puo e itseng ebe u hlahisa boitsebiso bo tšoanang ka (li)puo e ’ngoe. Hlokomela hore lipuo tse ka etsoang hore li hlahe ka nako e le ’ngoe ke tsa khatiso ea 2005 feela, eseng tsa likhatiso tsa pele ho moo.
Khatiso ena e ncha ea Watchtower Library e ke ke ea sebetsa ho Windows 95. E tla hloka Windows 98, Millennium, NT, 2000, XP, kapa tsa moraonyana. Liphutheho li ka qalella ho odara Watchtower Library—2005, e etselitsoeng Lipaki Tsa Jehova feela. Ho fihlela e fumaneha, e tla hlaha e le “pending” lethathamong la lintho tse rometsoeng.
◼ Tlhokomeliso ho bahokahanyi ba libuka le bangoli ba phutheho: Ha le founela lekala mabapi le thomello e sa nepahalang ea libuka, re kōpa hore ha ho khoneha le foune le nkile (ma)lethathamo la lintho tse rometsoeng. Ha le ngolla ofisi ea lekala, re kōpa le romele kopi ea lethathamo la lintho tse rometsoeng.