Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Sheba Mahlong
1 Ha re paka phatlalatsa le ka ntlo le ntlo, hangata pele re bua le batho re ba sheba mahlong. Ka motsotsoana oo, re ka ’na ra lemoha lifahlehong tsa bona hore na ba ikutloa joang ka boteng ba rōna esita le hore na ba moeeng ofe. Ka ho tšoanang, le bona ba ka hlokomela ho hongata ka rōna. Mosali e mong o ile a bua tjena ka Paki e ’ngoe e neng e mo etetse: “Seo ke se hopolang ka pososelo ea hae ke khotso ea kelello. Seo se ile sa nkhahla.” Maikutlo ao mosali enoa a bileng le ’ona a ile a mo susumelletsa ho mamela litaba tse molemo.
2 Ho sheba batho mahlong ke tsela e molemohali ea ho qala ho paka ha re le mosebetsing oa seterateng kapa re paka libakeng tse ling tsa sechaba. Mor’abo rōna e mong ha batho ba mo atamela o ba sheba mahlong, ebe oa bososela ’me o ba fa limakasine. Ha a sebelisa mokhoa ona, o qoqa le batho hamonate ebile o tsamaisa lingoliloeng tse ngata.
3 Lemoha Hore na Batho ba Ikutloa Joang: Ho sheba batho mahlong ho tla re thusa ho lemoha hore na ba ikutloa joang. Ka mohlala, haeba motho e mong a sa utloisise kapa a sa lumellane le ntho e itseng eo re e buileng, hangata seo se tla bonahala sefahlehong sa hae. Haeba a phathahane kapa a fela pelo, re tla lemoha seo sefahlehong sa hae. Joale re ka fetola nehelano ea rōna kapa ra e khutsufatsa ho itšetlehile ka maemo. Ho ela hloko maikutlo a batho ba bang ke tsela e molemo ea ho bontša hore rea ba thahasella.
4 Botšepehi le Kholiseho: Litsong tse ngata, ho lumeloa hore ha motho a sheba e mong mahlong, ke bopaki ba hore oa tšepahala. Hlokomela hore na Jesu o ile a etsa joang ha barutuoa ba hae ba mo botsa potso e reng: “Ka sebele ke mang ea ka pholohang?” Bibele e re: “A ba shebile mahlong, Jesu a re ho bona: ‘Ho batho hona ho ke ke ha khoneha, empa lintho tsohle lia khoneha ho Molimo.’” (Mat. 19:25, 26) Ha ho potang hore kholiseho e neng e bonahala sefahlehong sa Jesu e ile ea etsa hore mantsoe a hae e be a kholisang. Ka tsela e tšoanang, ho sheba batho mahlong ho tla re thusa ho fetisa molaetsa oa ’Muso ka botšepehi le ka kholiseho.—2 Bakor. 2:17; 1 Bathes. 1:5.