Na U Kōpa Liithuti ho U Fa Mabitso a ba Bang ba ka Ratang ho Ithuta?
Haeba hona joale ho na le motho eo u mo khannelang thuto ea Bibele, ke hobane’ng ha u sa mo botse hore na metsoalle ea hae, beng ka eena kapa batho bao a ba tloaetseng ba ka thabela ho ithuta seo Bibele e se rutang? Hangata liithuti li fana ka mabitso a mangatanyana. Ha u etela batho bao ’me u kōpa ho ithuta Bibele le bona, u ka ’na ua ba bolella hore u fumane mabitso a bona ho motho eo u ithutang le eena haeba a u lumella ho ba bolella. U ka ’na ua re, “[Lebitso la seithuti] o ’nile a thabela ho ithuta Bibele, ’me o nahanne hore le uena u ka ’na ua rata ho rua molemo lenaneong la rōna le sa lefelloeng la ho ithuta Bibele.” Ka mor’a moo, mo bontše ka bokhutšoanyane hore na thuto e khannoa joang, u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang.
Haeba u ithuta le motho ea tsoelang pele hantle, u ka ’na ua mo khothalletsa hore ha a qoqa le beng ka eena ba ka ’nang ba thahasella, a ba hlalosetse hore na thuto e khannoa joang. A ka ’na a ba mema hore ba be teng ha a ithuta. Kapa haeba ho le thata ho eena ho etsa joalo, mohlomong a ka lokisetsa hore u kopane le bona ’me u ba bontše kamoo thuto e khannoang kateng. Ho etsa joalo ho ka khothalletsa seithuti hore se qalelle ho bua le ba bang ka lintho tseo se ithutileng tsona ka Bibeleng.
Batho bao u atisang ho boela ho bona le bona ba ka ’na ba u fa mabitso a batho ba bang ba ratang ho ithuta, le hoja bona ba e-s’o lumele ho khanneloa thuto ea kamehla ea Bibele. Ha u ba tsamaisetsa buka ea Seo Bibele e se Rutang, u ka ’na ua ba botsa potso ena, “Na ho na le motho e mong eo u mo tsebang ea ka thabelang ho ba le buka ee?”
Kaha metsotso e se e jele babeli, re batla ho sebelisa mokhoa o mong le o mong ho thusa batho hore ba utloe litaba tse molemo ’me ba li amohele. Na u kōpa liithuti ho u fa mabitso a ba bang ba ka ratang ho ithuta?