Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/06 maq. 6-7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
km 4/06 maq. 6-7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka April le May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele. July le August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Le Lule le Lebetse!, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, le Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?

◼ Bangoli ba phutheho ba lokela ho lula ba e-na le liforomo tse lekaneng tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho ba Kamehla (S-205) le tsa Kōpo ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho bo Thusang (S-205b). Liforomo tsena li ka odaroa ka Literature Request Form (S-14). Bonyane le be le tse ka qetang selemo. Etsang bonnete ba hore liforomo tsa kōpo ea bopula-maliboho ba kamehla li tlatsitsoe ka botlalo pele li romeloa lekaleng.

◼ Mongoli o lokela ho tiisa hore Komiti ea Kaho ea Libaka e lula e behiloe leseling ka boemo ba bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba faneng ka liforomo tsa Kingdom Hall Volunteer Worker Questionnaire (S-82). Ha boemo ba moithaopi bo fetoha, mohlomong a falla kapa a khethoa e le mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, ho lokela ho tlatsoe foromo e ncha hang-hang ’me e romeloe. Haeba aterese kapa nomoro ea thelefono ea moithaopi e fetoha kapa a se a se boemong bo botle ka phuthehong, baholo ba lokela ho tsebisa Komiti ea Kaho ea Libaka kapele-pele ka ho e ngolla lengolo. Likopi tsa liforomo tse tlatsitsoeng tsa S-82 tse faeleng ea phutheho li lokela ho fuoa molebeli oa potoloho hore a li hlahlobe ha a etetse phutheho.

◼ Pele le qala ho haha Holo ea ’Muso—ebang le haha e ncha kapa lea e nchafatsa—baholo ba lokela ho iteanya le Komiti ea Kaho ea Libaka eo ba ikarabellang ho eona. Likomiti tsa libaka li na le boitsebiso bo ka thusang liphutheho ho etsa liqeto ka bohlale ha ho rekoa setša le thepa esita le litabeng tse ling. E ka ba bohlale ho nahana ka litlhahiso tsa komiti ea libaka pele ho rekoa setša esita le lintho tse kang litulo, tapeiti ea leboteng, k’hapete, le thepa e futhumatsang le ho pholisa ka holong.

◼ Ho hlokahala hore ofisi ea lekala e be le tlaleho e nakong ea liaterese le linomoro tsa thelefono tsa balebeli bohle ba okamelang le bangoli. Neng kapa neng ha ho e-ba le phetoho, Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e lokela hore kapele-pele e tlatse, e tekene le ho romela foromo ea Phetolo ea Aterese ea Molebeli ea Okamelang/Mongoli (S-29) ofising ea lekala. Sena se akarelletsa le liphetoho leha e le life tsa nomoro ea sebaka ea thelefono.

◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara livolume tsa 2005 tsa The Watchtower le Awake! Livolume tsena li tla fumaneha ka Sejeremane, Senyesemane le Sepotoketsi. Ho fihlela ha livolume tsena li fumaneha ’me li romeloa, li tla hlaha tlas’a “Pending” mathathamong a lintho tse rometsoeng phuthehong. Livolume li lokela ho etsetsoa kōpo e khethehileng.

◼ Ho tloha ka March ho ea pele, le ka odara Libibele tse sekoahelo se bonolo tsa Senyesemane le tsa Sepotoketsi: Ho phaella likhatisong tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha tsa boholo bo tloaelehileng tse sekoahelo se thata, hona joale ho na le khatiso ea boholo bo tloaelehileng e sekoahelo se bonolo. Le hoja ka ho khetheha Bibele ena e sekoahelo se bonolo e tla tsamaisoa tšimong, bahoeletsi le bona ba ka ’na ba lakatsa ho e sebelisa. Hang feela ha Bibele e sekoahelo se bonolo e fumaneha phuthehong ea heno, Bibele e sekoahelo se thata ha ea lokela ho tsamaisoa tšimong. Empa Bibele e sekoahelo se thata e tla fuoa bahoeletsi. Liphutheho li lokela ho boloka Libibele tse ’maloa tse sekoahelo se thata, kaha li tla sebelisoa feela ke bahoeletsi kapa ba bang teng kamehla libokeng. Re kōpa hore le hlokomele hore pele le odara Libibele tsa Senyesemane le Sepotoketsi tse sekoahelo se bonolo, Libibele tse sekoahelo se thata li lokela hore li ’ne li sebelisoe ho fihlela li fokotsehile ka ho lekaneng setokong sa phutheho. Ka mor’a moo, le ka ’na la odara Libibele tse sekoahelo se bonolo lekaleng. (Re kōpa hore le bone lengolo le eang ho liphutheho tsohle la la 15 September, 2005 bakeng sa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng.)

◼ Tlhokomeliso ho bahokahanyi ba libuka: Sebelisang nomoro ea 5116 le letšoao la bi12 ha le odara Bibele leha e le efe e boholo bo tloaelehileng e sekoahelo se bonolo. (Hlokomelang hore Libibele tsa lipuo tsa Seafrika li fumaneha ka sekoahelo se bonolo feela.) Ha le odara Libibele tse boholo bo tloaelehileng tse sekoahelo se thata tsa Senyesemane le Sepotoketsi, sebelisang nomoro ea 5112 le letšoao la Hbi12.

◼ Ofisi ea lekala ha e sebetsane le liodara tsa lingoliloeng tse etsoang ke bahoeletsi ka bomong. Bahoeletsi ba lokela ho odara libuka tsa bona ka phutheho. Molebeli ea okamelang o lokela ho lokisetsa hore ho etsoe tsebiso khoeli ka ’ngoe pele odara ea khoeli le khoeli ea lingoliloeng tsa phutheho e romeloa lekaleng e le hore bohle ba lakatsang ho iphumanela lingoliloeng ba ka bua le mor’abo rōna ea tšoarang lingoliloeng. Re kōpa le hopole hore na ke lingoliloeng life tse etsetsoang kōpo e khethehileng. Phutheho e lokela ho li odara hafeela ho e-na le batho ba li odarileng. Literature Request Form (S-14) e lokela ho romeloa hang-hang khoeli ka ’ngoe.

◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tsa Braille Tse Fumanehang:

Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova—Senyesemane sa Grade-two

◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:

The Good News According to Matthew—Puo ea Matsoho ea Amerika

Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?—Puo ea Matsoho ea Amerika

Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa—Puo ea Matsoho ea Amerika

Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete—Puo ea Matsoho ea Amerika

Albamo ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Bakreste a Segerike (e se nang letho) ea Puo ea Matsoho ea Amerika

◼ Lik’hasete Tse Ncha Tsa Video Tse Fumanehang:

Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?—Puo ea Matsoho ea Amerika

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela