Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: Le Lule le Lebetse!, Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng!, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa le Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? September: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? October: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! November: Ithute ho Mosuoe e Moholo.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba liak’haonte tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele ka mor’a moo. Haeba ho e-na le ak’haonte e ’ngoe ea banka, e kang ea tokiso kapa ea kaho, ho lokela ho etsoe litokisetso tsa hore le eona e hlahlojoe. Ha (li)ak’haonte eo e se e hlahlobiloe, phutheho e lokela ho tsebisoa ha ho baloa tlaleho e latelang ea liak’haonte. Liphutheho tse entseng kōpo ea ho ngolisoa e le Mekhatlo e Ruisang Sechaba Molemo (li-PBO) li kōptjoa ho romela liak’haonte tsa tsona tsa June, July le August ofising ea lekala ha li se li hlahlobiloe. Li lokela ho romeloa Accounting Office.
◼ Liphutheho li lokela ho qala ho odara Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2007, Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2007 le Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2007, odareng ea tsona e latelang ea lingoliloeng. Ho lokela ho etsoe tsebiso phuthehong pele ho romeloa odara ea lingoliloeng tsena. Bahoeletsi ba lokela ho fana ka liodara tsa bona lefapheng la lingoliloeng ntle ho tieho ’me mohokahanyi oa lingoliloeng o lokela ho li fetisetsa ofising ea lekala hang-hang.
◼ Libeche Tsa Kopano ea Setereke ea 2006: Selemong sena ha ho hlokahale hore ho odaroe libeche kaha ofisi ea lekala e tla li romela liphuthehong nako e teletsana pele likopano li qala. Ha mohokahanyi oa lingoliloeng oa phutheho e hokahanyang a fumana libeche tsena, o lokela ho etsa bonnete ba hore phutheho ka ’ngoe e fumana libeche tsa eona. Haeba ho hlokahala libeche tse eketsehileng, bontšang ka ho hlaka ho Literature Request Form (S-14) hore “Ke palo e ekelitsoeng ho tse rometsoeng.” Ho ke ke ha amoheloa liodara tse etsoang motsotsong oa ho qetela. Ho ka odaroa likoahelo tsa libeche ha ho hlokahala.
◼ Lingoliloeng Tse Ncha Tse Fumanehang:
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2007—Seafrikanse
◼ Li-DVD Tse Ncha Tse Fumanehang:
Albamo ea The Watchtower Announcing Jehovah’s Kingdom—2006 (e se nang letho)—Puo ea Matsoho ea Amerika