Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang tsa tlhahlobo li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 December, 2006. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 6 November ho ea ho la 25 December, 2006. [Tlhokomeliso: Moo ho sa bontšoang mohloli oa boitsebiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ke eng e lokelang ho re tataisa ha re khetha mantsoe a loketseng ao re ka kenyelletsang lengolo ka ’ona? [La 6 Nov., be-SU leq. 148 ser. 4–leq. 149 ser. 1]
2. Ke mekhoa efe e meng eo re ka e sebelisang ho tiisa hore re hatisa mantsoe le lipoleloana ka tsela e nepahetseng? [La 27 Nov., be-SU leq. 151 ser. 4–leq. 152 ser. 3]
3. Kaha ho ruta batho ba bang Lentsoe la Molimo ke taba e tebileng, ho hlokahala’ng e le hore re ‘tšoare lentsoe la ’nete ka nepo’? (2 Tim. 2:15) [La 4 Dec., be-SU leq. 153 lir. 1-3, lebokose; leq. 154 lir. 1-2]
4. Re ka sebelisa litsela life ho bontša ka ho hlaka hore na lengolo leo re le balileng le sebetsa joang? [La 11 Dec., be-SU leq. 154 ser. 4–leq. 155 ser. 3]
5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re bontše ka ho hlaka hore na boitsebiso boo re buang ka bona bo molemo hakae, hona see se ka finyelloa ka litsela life? [La 25 Dec., be-SU leq. 157 lir. 1-4, lebokose; leq. 158 ser. 1]
PUO EA 1
6. Ke ka kutloisiso efe Solomone e neng e le ’mokelli? [La 13 Nov., si-SU leq. 112 lir. 1-3]
7. Moeklesia e lumellana joang le lithuto tsa Jesu? [La 20 Nov., si-SU leq. 114 ser. 16]
8. Ke bopaki bofe bo teng ba hore Sefela sa Lifela ke karolo ea Mangolo a Halalelang? [La 27 Nov., si-SU leq. 115 lir. 3-4]
9. Moqolo oa Leoatle le Shoeleng oa Esaia o fana ka bopaki bo kholisang joang ba hore Bibele ea rōna kajeno e emela mongolo oa pele o bululetsoeng? [La 4 Dec., si-SU leq. 118 ser. 6]
10. Ke eng e ka thusang sebui hore se se ke sa ba le lintlha tse ngata? [La 11 Dec., be-SU leq. 42 ser. 1]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. “Ba batlang Jehova ba ka utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe” joang? (Liprov. 28:5)
12. ‘Mosebetsi o boima oa ba hlokang kelello o ba tepeletsa’ joang? (Moek. 10:15)
13. Moroetsana oa Moshulame o ile a ba joaloka “serapa se kampetsoeng” joang, hona o behetse basali ba Bakreste ba masoha mohlala o motle joang? (Sefela 4:12)
14. Ka ho ipiletsa ho Baiseraele hore ‘ba lokise litaba,’ na Jehova o ne a bolela hore o ne a ikemiselitse ho bontšana mabaka le batho ba hae? (Esa. 1:18a)
15. Mehleng ea boholo-holo Esaia 11:6-9 e ile ea phethahala joang, hona phethahatso ea eona e khōloanyane ke efe?