Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Ke ho thabisang haholo hore ebe liphutheho tse latelang li ile tsa thabela ho nehela Liholo tsa tsona tse ncha Tsa ’Muso: Mkhangazweni (haufi le Lusikisiki), Umlazi South (haufi le Durban), Mhlaba Cross (haufi le Musina) le Leeufontein (haufi le Marble Hall). Bara le barali babo rōna le entse mosebetsi o tsoileng matsoho ’me ka ho khetheha re lakatsa ho leboha baithaopi ba Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka ba thusitseng ka lerato. Re khothalletsa Likomiti Tsa Kaho Tsa Libaka hore li qete Liholo tsohle Tsa ’Muso tseo li rerileng ho li haha selemong sena sa tšebeletso ’me re khothalletsa liphutheho hore li li tšehetse ka ho feletseng.