Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Re thabela ho le tsebisa hore phutuho ea tšimo e sa abuoang ea 2006 e tsamaile hantle haholo. Jehova o hlohonolofalitse mosebetsi oa bahoeletsi ba 13 541 ba liphutheho tse 412 tsa Afrika Boroa, Botswana, Lesotho, Namibia le Swaziland ba ileng ba kopanela phutuhong. Ba ile ba tsamaisetsa batho ba thahasellang libuka tse 4 121, libukana tse 60 859 le limakasine tse 92 749. Ba ile ba etsa maeto a ho boela a 11 427, ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse 1 630. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana ba 27 le bona ba ile ba kopanela phutuhong, ba sebetsa metseng le libakeng tse ka thōko. E ne e le lekhetlo la pele tšimo ea litholo e hlokomeloa ka tsela e khethehileng ka hore bo-pula-maliboho ba babeli ba khethehileng ba nakoana ba abeloe ho sebetsa tšimo ea litholo ea Durban. E se eka Jehova a ka tsoela pele ho hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho arabela pitsong ea ho phatlalatsa ’Muso oa hae ka matla a maholoanyane phutuhong ea tšimo e sa abuoang ea selemo sa 2007.
◼ Ho ile ha tšoaroa Likopano Tsa Setereke tsa “Topollo e Atametse!” tse 61 Afrika Boroa le linaheng tsa boahelani. Palo-kakaretso ea ba bileng teng ke 176 835 ’me ha kolobetsoa ba 2 405. Re leboha barab’abo rōna bohle ba ileng ba lokisetsa lipuo le ho fana ka tsona lenaneong lena le hahang moeeng, ’me re leboha le baithaopi ba likete ba ileng ba etsa mesebetsi ea bohlokoa molemong oa ba bileng teng kopanong.