Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April le May: Makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! June: Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete.
◼ Kaha March e na le Meqebelo e mehlano le Lisontaha tse hlano, e ka ba khoeli e ntle ea ho nka bopula-maliboho bo thusang.
◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba kamehla. Haeba leha e le ofe oa bona a sa khone ho finyella lihora tse hlokahalang, baholo ba lokela ho lokisetsa hore a thusoe.
◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng ea nako ea Sehopotso sa 2008 e tla ba le sehlooho se reng “Ke Mang ea Tšoanelehang ho Busa Batho?” Bona tsebiso e amanang le ena Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea September 2007.
◼ Joalokaha ho tsebisitsoe Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea December 2007, liphutheho li ka qala ho odara Watchtower Library—2007 (cdly07). Watchtower Library—2007 e akarelletsa lingoliloeng tse ncha tse lokolotsoeng ka 2007, ’me e sebelisa Watchtower Reader, ho bolelang hore eona le Watchtower Reader ha e sa le lintho tse peli tse fapaneng. Ho na le lintho tse ngata tse etsang hore ho be bonolo ho sebelisa lenaneo lena le lecha, ’me ho na le lintho tse ncha tseo u tla li thabela le tse tla etsa hore u rue molemo ha u etsa thuto ea botho. Ha u kenya lenaneo lena le lecha k’homphieutheng, u tla fumana molaetsa o reng u hatise boitsebiso bo bokhutšoanyane boo u ka bo balang ha u ntse u leka ho itloaetsa lenaneo lena le lecha le likarolo tsa lona tse ncha. Ha u kenya Watchtower Library—2007 k’homphieutheng, u tla lokela ho sebelisa k’homphieutha e nang le Microsoft Windows 2000, XP, kapa Vista.
◼ Liphutheho tsohle tse fumanang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea Sevenda li tla romelloa bukana ea “All Scripture”—Authentic and Beneficial—2008 (bsi08 Karolo ea 1 le ea 2) ka Sevenda. Karolo ea 1 e tla romeloa pele ebe Karolo ea 2 e romeloa hamorao.